mohoo oa dc election manifesto for dc

33
MOHOO OA LIKHETHO TSA 2012 OA DEMOCRATIC CONGRESS 2012 Elections Manifesto of the DC SELELEKELA Seho se llile! E fihlile nako – nako e bohlokoa haholo pusong ea sechaba ka sechaba, nako ea likhetho, nako eo ka eona sechaba se khethang ka bolokolohi ’muso o tla se etella pele ntlafatsong ea bophelo ba sona. Ke nakong ena makhotla a lipolotiki a itlhahisang ho bakhethi ka mehoo le litšepiso ntlafatsong ea Lesotho le Basotho. Lekhotla la Puso ea Sechaba (Democratic Congress – DC) le motlotlo ho khoaollela Basotho mohoo oa likhetho tsa 2012. Mohoo ona o simolla ka ho tlaleha likatleho tse fihletsoeng ke ’Muso o eteletsoeng pele ke Tonakholo Dr. Pakalitha Mosisili. ’Muso ona o ile oa sebetsa ka boitelo ho phethahatsa litšepiso tse neng li phuthetsoe ke mohoo oa likhetho tsa 2007. DC e motlotlo ke hona ho bua ka phatla e phahameng e re: Ke nakong ea ’Muso o eteletsoeng pele ke Tona-kholo, Dr. Pakalitha Mosisili Paramenteng ea Bosupa, re boneng ha lintlafatso li etsoa metseng, metsaneng le litoropong. Bohle re lipaki, ‘me re bone ka mahlo ha Tona-kholo Dr. Pakalitha Mosisili a tatamala ka lebelo tseleng ea ho ntlafatsa bophelo ba Basotho ka tse latelang: 1. Ntšetsopele ea phepo ea bana likolong eo ka bo-eona e hlahisitseng mesebetsi ea boipheliso har’a sechaba se phehang le se lemang. 2. Khahlametso ea lichelete tsa sekolo le libuka ho bana ba hlokang likolong tse mahareng. 3. Khaho ea likolo tse 34 tse mahareng ka sepheo sa hore li tsebe ho amohela bana ba bangata ba hlahisoang ke thuto ea mathomo e sa lefelloeng ke batsoali. 4. Ho thehoa ha Limkokwing University of Creative Technology ho ekelitseng khetho ea manane a thuto le litsebo tseo sechaba se ka li fumanang Lesotho. 1

Upload: tichere-pule

Post on 21-Apr-2015

150 views

Category:

Documents


5 download

TRANSCRIPT

Page 1: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

MOHOO OA LIKHETHO TSA 2012 OA DEMOCRATIC CONGRESS

2012 Elections Manifesto of the DC

SELELEKELA

Seho se llile! E fihlile nako – nako e bohlokoa haholo pusong ea sechaba

ka sechaba, nako ea likhetho, nako eo ka eona sechaba se khethang ka

bolokolohi ’muso o tla se etella pele ntlafatsong ea bophelo ba sona. Ke

nakong ena makhotla a lipolotiki a itlhahisang ho bakhethi ka mehoo le

litšepiso ntlafatsong ea Lesotho le Basotho.

Lekhotla la Puso ea Sechaba (Democratic Congress – DC) le motlotlo ho

khoaollela Basotho mohoo oa likhetho tsa 2012. Mohoo ona o simolla ka

ho tlaleha likatleho tse fihletsoeng ke ’Muso o eteletsoeng pele ke

Tonakholo Dr. Pakalitha Mosisili. ’Muso ona o ile oa sebetsa ka boitelo ho

phethahatsa litšepiso tse neng li phuthetsoe ke mohoo oa likhetho tsa

2007. DC e motlotlo ke hona ho bua ka phatla e phahameng e re: Ke

nakong ea ’Muso o eteletsoeng pele ke Tona-kholo, Dr. Pakalitha

Mosisili Paramenteng ea Bosupa, re boneng ha lintlafatso li etsoa

metseng, metsaneng le litoropong. Bohle re lipaki, ‘me re bone ka mahlo

ha Tona-kholo Dr. Pakalitha Mosisili a tatamala ka lebelo tseleng ea ho

ntlafatsa bophelo ba Basotho ka tse latelang:

1. Ntšetsopele ea phepo ea bana likolong eo ka bo-eona e hlahisitseng

mesebetsi ea boipheliso har’a sechaba se phehang le se lemang.

2. Khahlametso ea lichelete tsa sekolo le libuka ho bana ba hlokang

likolong tse mahareng.

3. Khaho ea likolo tse 34 tse mahareng ka sepheo sa hore li tsebe ho

amohela bana ba bangata ba hlahisoang ke thuto ea mathomo e sa

lefelloeng ke batsoali.

4. Ho thehoa ha Limkokwing University of Creative Technology ho

ekelitseng khetho ea manane a thuto le litsebo tseo sechaba se ka li

fumanang Lesotho.

5. Khaho ea sepetlele se seholo sa Queen Mamohato Memorial

Hospital, se amohelang bakuli ba tsoang lipetleleng tse ling ho ba fa

1

Page 2: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

kalafo ea boemo bo holimo le ho fokotsa sekhahla sa ba bakuli ba

romelloang Afrika Boroa.

6. Khaho ea litliliniki tse 137 hohle kahar’a naha.

7. Phano ea litšebeletso tsa phekolo tse sa lefelloeng litliliniking.

8. Tefo ea khoeli le khoeli ea Basebeletsi ba Bophelo Metseng.

9. Phumantšo ea litšebeletso tsa HIV/AIDS le TB tse sa lefelloeng litsing

tsohle tsa bophelo tsa ‘Muso le tsa Likereke.

10. Thupelo ea lingaka tse ngata, thusanong le linaha tse ling ka sepheo

sa ho loantša khaello ea lingaka naheng ea rona.

11. Khaho ea litsela tse kholo le marokho linokeng tse kholo, ho

kenyeletsoa le marokho a mararo; a mabeli holim’a noka ea Senqu

le bo le bong holim’a noka ea Senqunyane. Marokho a mang a

ahiloeng ke a: Phuthiatsana ea Thaba- Bosiu, Sebapala, Qhoali,

Marakabei hammoho le a maoto a 35 naha ka bophara.

12. Khaho ea litsela tsa bolele ba 266km tse kholo tsa letšoana tse

latelang: Maseru-Mafeteng; Moruthoane-Morija-Matsieng; Peka

bridge access; Maseru-Maqhaka; Hleoheng-Nyenye; Literapeng-

Tšehlanyane; Mantšonyane-Lesobeng; Metolong; Likalaneng - Thaba-

Tseka le tsela ea Roma-Ramabanta-Sekake e etsang 150km e ntseng

e tsoelapele.

13. Khaho ea litsela tsa bolelele ba 846km tse kenellang metseng

literekeng tsohle.

14. Khaho ea litsela tsa bolelele ba 154km tsa letšoana litoropong tse

latelang: Hlotse, Teyateyaneng, Maseru, Mafeteng, Mohale’s Hoek,

Quthing, Qacha’s Nek le Thaba Tseka.

15. Tšebeliso ea mehala ea “thekeng” (cell phones) e nyolohetse ho

61% ea sechaba, ha ea mehala ea fatše e nyolohetse ho 80%.

2

Page 3: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

16. Tlhahlello ea sepolesa ka likoloi le thepa ea morao-rao ea toantšo ea

litlolo tsa molao le meferefere.

17. Phepelo ea metsi a hloekileng bakeng sa batho ba 444, 686

metseng le litoropong naha ka bophara, le khokelo ea malapa a 64,

000 lipeiping tsa likhoerekhoere litoropong.

18. Khaho ea matloana a 25, 009 a sebelisoang ke batho ba 125, 045

hohle moo ho etsoang merero ea phepelo ea metsi metseng.

19. Phepelo ea motlakase malapeng a 69, 442, ao a 1, 538 a ‘ona a

kenyelitsoeng motlakase oa letsatsi.

20. Ntlafatso ea phehlo ea motlakase ka har’a naha.

21. Thibelo ea khoholeho le ntlafatso ea mobu, hammoho le tšireletso

ea matša le mekhoabo ka temo ea lifate tse 11, 159 161 le ea

mohloa le joang libakeng tse etsang boholo ba li-hectare tse

119, 017.

22. Ntlafatso ea leruo la liphoofolo ka ho thusa lihoai ho reka linku tse

18, 366 tse ntlafalitsoeng, lipoli tse 610 tsa lebese le likhoho tse 1,

809 350 tsa nama le tsa mahe.

23. Khaho ea Paramente holim’a leralla la Mpilo Maseru.

24. Ho thehoa ha litsi tse ntlafatsang le ho nolofatsa litšebeletso tsa

sechaba tse latelang: Setsi sa Taolo ea Litsela (Roads Directorate),

Setsi sa Taolo ea Mobu (Land Administration Authority), Setsi sa

Taolo ea Letamo la Metolong (Metolong Authority), K’hamphani ea

Metsi le Likhoerekhoere (Water and Sewerage Company), K’hampani

ea Motlakase (Lesotho Electricity Company), le K’hamphani ea

Lesotho ea Mafura (Lesotho Oil Company).

25. Kanetso ea puso ea sechaba ka sechaba le ho isa litšebeletso

metseng ka Makhotla a Puso ea Libaka.

3

Page 4: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

26. Khaho ea letlole le ntlafalitsoeng la penchene ea Bahlanka,

Maparamente le Basebeletsi bohle ba sechaba mafapheng a

fapakaneng.

27. Tlhahiso ea mesebetsi e fetang 500, 000 makaleng a ‘Muso,

lifemeng, le likhoebong ka mefuta ea tsona

Likhethong tsena tseo re eang re li libile, DC e re SENYAMO BASOTHO!

SENYAMO MOCHA OA LESOTHO!! SENYAMO ‘M’E OA LESOTHO!!

SENYAMO NTATE OA LESOTHO!! SENYAMO SE DC.

Khetha DC likhethong tsa 2012 hobane e tla sebetsa ka matla ho

phethahatsa tse latelang:

1. Kholiso ea moruo le tlhahiso ea mesebetsi.

2. Khaho ea mesebetsi e meholo.

3. Temo le kanetso ea lijo.

4. Ntlafatso ea bacha.

5. Ntlafatso ea basali.

6. Paballo ea maqheku, likhutsana le batho ba nang le bokooa

hammoho le batho ba nang le likhaello tse ling tsa bophelo.

7. Kanetso ea puso ea sechaba ka sechaba.

8. Ntlafatso ea likamano le linaha tseo Lesotho le ahisaneng le tsona.

1. KHOLISO EA MORUO LE TLHAHISO EA MESEBETSI

Kholiso ea moruo ke e ‘ngoe ea litšia tsa mantlha, ‘me tsa bohlokoahali

ntlafatsong le ntšetsong-pele linaheng tsohle tsa lefatše. Naha ea rona ea

Lesotho ha se mokhelo tabeng ena. Ke ka kholiso ea moruo le kabo e

nepahetseng ea oona le matlotlo a mang a naha ena Lesotho le ka

atlehang ho hlahisa mesebetsi e mengata e ka phelisang le ho atlehisa

Basotho le Lesotho. Kutloisiso ea rona ba Lekhotla la Puso ea Sechaba ke

hore kholiso ea moruo ha e felle feela tabeng ea pokello ea matlotlo le

lisebelisuoa, empa e boetse e kenyeletsa khaho le choriso ea litsebo,

haholo-holo tse khethehileng tsa bana ba Basotho, bao e hlileng e leng

bona ba etsang mosebetsi ka kotloloho.

Lintlha-kholo tse tla sebelisoa ke Lekhotla la Puso ea Sechaba ho akofisa

kholiso le ntlafatso ea moruo oa naha e tla ba tse latelang:

4

Page 5: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

a. Katoloso ea Lifeme le Likhoebo tse Hlahisang Thepa;

b. Tšebeliso ea Mahlale a Baballang Matla, Tikoloho le Tlholeho;

c. Kholiso le Ntlafatso ea Likhoebo tse nyenyane;

d. Kholiso le Ntlafatso ea Likhoebo tsa Baikopanyi le ho thehoa hoa tse

ncha moo li leng sieo;

e. Seahlolo lipakeng tsa Bahoebi ba Basotho le Batseteli ba Machaba;

f. Ntlafatso ea Likhoebo tsa Basotho ho fihlela boemo ba hore li ka

qothisana lehlokoa le tsa Machaba ;

g. Ntlafatso ea Seabo sa Lekhotla la Khoebo la Lesotho Kholisong ea

Moruo oa naha.

Ka sepheo sa ho holisa moruo le ho hlahisa mesebetsi kahar’a naha ea

Lesotho, ‘Muso o etelletsoeng pele ke Lekhotla la Puso ea Sechaba o tla

sebelisa maoa a latelang:

1.1 Lifeme tsa Lihlaisoa tsa Temo (Agro-industries)

a. Tlhahiso ea peo ea litapole e tla rekisoa tikolohong e ka Boroa ho

Afrika.

b. Tlhahiso ea khoaeane e tla rekisoa tikolohong e Boroa ho Afrika.

c. Tlhahiso ea liperekisi tsa chele (yellow cling peaches) ka sepheo sa

ho li tšela makotikoting, ho etsa mangangajane, jeme, veine, joalo-

joalo.

d. Tlhahiso ea nama ea kolobe ho etsa boroso, le linama tse ling tse

etsoang ka eona.

e. Tlhahiso ea meroho.

f. Tlhahiso ea likhoho tsa mahe le nama, esita le litlhapi tsa matšoala

(trout).

g. Tšebetso ea ho hlatsoa boea, ho suoa le ho omisa matlalo le makoko

a liphoofolo ho a rekisa kantle ho naha.

1.2 Tlhahiso ea Thepa (Manufacturing)

a. Tlhahiso ea thepa e tšesanyane ka sepheo sa ho tlatsetsa lifemeng

tsa khaho ea makoloi ho la Afrika Boroa.

5

Page 6: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

b. Tlhahiso ea thepa e tšesanyane e tla tlatsetsa lifemeng tsa liphahlo

tsa Lesotho le Afrika Boroa.

c. Matšolo a ho hohela le ho theha mesebetsi ea tlhahiso ea thepa e

tla pharalatsa mesebetsi e meholo le e mahareng Lesotho.

1.3 Lihloliloeng

‘Muso oa DC o ananela hore ntlafatso ea sechaba le moruo oa naha li

tlameha ho ela hloko tikoloho e baballehileng le tšebeliso e hloahloa ea

lihloliloeng. DC e tla tsoelapele ho sebelisa lihloliloeng tsa naha ho holisa

moruo ka:

a. ho holisa merafo ea taemane le tšebetso ea ho betla lejoe;

b. ho bokella metsi a liliba le ho a tšela libotlolong ka sepheo sa ho a

rekisetsa limmaraka tsa Lesotho le linaha tse ling;

c. ho holisa phehlo ea motlakase o tla sebelisoa Lesotho o be o

rekisetsoe linaha tse ling;

d. ho fehla motlakase oa moea le oa letsatsi ka sepheo sa ho o

sebelisa Lesotho le ho o rekisetsa linaha tse ling.

1.4 Bohahlauli

Bohahlauli bo itlhomme pele lefatšeng kholisong ea moruo. Bohahlauli bo

boetse ke mohloli o moholo sebakeng sa ho hlahisa mesebetsi ka har’a

naha. Naha e ka tseba ho bokella lichelete tsa machabeng ka bohahlauli.

Ka hoo DC e lumela hore bohahlauli bo matlafetseng e ka ba pula-

maliboho ho Lesotho ho kena tlholisanong ea lefatše likarolong tse

fapakaneng kholisong ea moruo. Ka lebaka lena ‘Muso oa DC o itlama:

a. ho bapatsa Lesotho ka matla a maholo ho hohela bahahlauli;

b. ho nolofaletsa bahahlauli mokhoa oa ho kena malibohong a Lesotho;

c. ho tšehetsa ka mokhoa o phethahetseng koetliso le choriso ea

litsebo tsa batataisi ba bahahlauli;

d. ho koetlisa Basotho ka bohahlauli e le mokhoa oa ho iketsetsa

chelete ka khoebo ea bohahlauli;

e. ho sheba mokhoa oa ho eketsa litsi tse ling tsa boithabiso ba

thelelisane ea lehloeng;

6

Page 7: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

f. ho sheba mokhoa oa ho holisa matamo a teng a metsi a lihlaba le a

tlang ho ba teng ka sepheo sa ho hohela bahahlauli;

g. ho bapatsa mekete le lipapali tse kang Lebelo la Thaba la Mokoka

(High Altitude Summer Marathon), Mokete oa Morija oa Bochaba,

Mokete oa Morena Moshoeshoe, le tse ling e le mokhoa oa ho hohela

bahahlauli.

1.5 Mesebetsi ea Machabeng

‘Muso oa DC o lumela hore menyetla ea mesebetsi e se ke ea fella kahare

ho naha feela, le hore Basotho ba na le litsebo tse ka susumeletsang hore

ba bapatsoe limmarakeng tsa bosebeletsi tsa machaba esitana le ho fuoa

mesebetsi hona machabeng moo, etsoe hle Basotho e le sechaba se

rutehileng. Ka hoo, ‘Muso oa DC o itlama:

a. ho theha mecha eo ka eona ho tlang ho fumaneloa Basotho

mesebetsi, mekhatlong ea machaba le likhoebong tsa linaha tse ling

tsa lefatše.

b. ho etsa mananeo ao ho ‘ona Basotho ba tlang ho koetlisetsoa

mesebetsi ea limmarakeng tsa machabeng ho kenyeletsoa le tsela

ea bona ea ho tsamaea.

c. ho hlopha le libanka ho thusa Basotho ba ileng mesebetsing ho

tseba ho romella chelete hae.

2. MESEBETSI EA SECHABA (INFRASTRUCTURE)

2.1 Litsela

Matsaranka, methipoloha, makoliopo le lithaba tsa naha ea Lesotho le ha li

khahla mahlo a ea li bohang empa li fana ka qholotso khahong ea litsela

tse kopanyang metse le metsana, litoropo le litereke le naha ka kakaretso.

‘Muso oa DC o tla netefatsa hore Basotho hohle moo ba leng teng kahar’a

naha ea Lesotho ba fumana litšebeletso. ‘Muso oa DC o nka khaho ea

litsela e le sona senotlolo sa ho isa litšebeletso sechabeng. Ke ka hona DC

e tla ithukhubetsa ka matla litšebeletsong tse latelang:

2.1.1 Khaho ea Litsela tse Ncha

’Muso oa DC o tla aha litsela tsa lehlohlojane tsa boleng bo tla tšoarella,

tse tla hokahanya libaka tseo hona joale li ntseng li sa fihlelehe.

7

Page 8: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

2.1.2 Litsela tsa Litoropo

‘Muso oa DC o tla ntlafatsa litoropo ka ho aha marang-rang a litsela tsa

letšoana tse tla khaba ka litselana tsa litaaso, liforo tsa metsi esitana le

mabone a seterateng. DC e tla tsoelapele le ho aha litsela tse kholo tse

kopanyang litereke ka liqola tse fapaneng.

2.1.3 Tokiso ea Litsela

‘Muso oa DC o tla bona hore marang-rang a litsela le litsela tseo e leng

hona li tla ahoa, lia hlokomeloa le ho lokisoa ka nako tsohle.

2.1.4 Khaho ea Marokho

Naha ea Lesotho e boetse e khaba ka linoka le linokana, likhohlo le

likhohloana. Leha ho le joalo, libopeho tsena tse ikhethang tsa naha ea

Lesotho li qosa hore ho ahoe marokho a tšelang linoka tsena ho isa

litšebeletso sechabeng. Kahoo, ‘Muso oa DC o tla tsoelapele ho aha

marokho linokeng tse kholo e le ho nolofaletsa sechaba maeto le bophelo.

2.1.5 Khaho ea Boemelo ba Makoloi

‘Muso oa DC o tla aha liemelo tsa makoloi a baeti litoropong. Liemelo

tsena li tla kenyeletsa maphephe a sechaba se iphelisang ka maoala a

boitjaro. Li boetse hape li tla ba le matloana a boithuso a hloekileng

bakeng sa bo-mme le bo-ntate ekasita le batho ba nang le bokooa.

2.2 Motlakase (Re khantša naha re ntlafatsa sechaba)

Naha ea Lesotho e hlohonolofalitsoe ka lihloliloeng tse kang metsi,

moea le letsatsi tse ka sebelisoang ka katleho ho khantša naha.

Motlakase ke sehlaisoa sa bohloka ntlafatsong ea moruo le khoebo.

Leha ho le joalo, tlhokahalo ea motlakase libakeng tse ngata kahar’a

naha e sitisa lintlafatso le khoebo ho ba teng. Kahoo ‘Muso oa DC o

tla etsa tse latelang ho akofisa moralo ona:

8

Page 9: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

a. Ho atolosa tšebeliso ea metsi, moea le letsatsi ho fehla motlakase e

le hore motlakase o be teng ka linako tsohle, haholo-holo metseng e

sa hokeloang mohloling o moholo oa naha oa motlakase (national

grid).

b. Ho hokela malapa a kaholimo ho 50% ka motlakase metseng e le ho

bebofaletsa ba malapa a joalo bophelo, ho kenyeletsoa le malapa ao

lihlooho tsa ‘ona e leng bana esita le maqheku.

c. Ho etsa liphuputso tse tebileng ho fumana mekhoa e meng ea libeso

e se nang khahlamelo e bolutu tikolohong.

d. Ho theha letlole le tla thusa kanetsong ea motlakase naha ka

bophara esita le hona liphuputsong tse amanang le litaba tsa

motlakase le paballo ea matla.

2.3 Likhokahano

Ntšetsopele ea likhokahano lefatšeng ka bophara e tlisitse phetoho e

kholo moruong, lipolotiking le bophelong ka kakaretso. Khatelopele e

bonahalang liphuputsong tsa mahlale le tšebeliso ea ‘ona e ekelitse

sekhahla sa ntšetsopele ena. Tšebeliso ea mahlale e fetotse lefatše leo re

phelang ho lona motsana oo motho a ka o potolohang ka ho panya ha

ntši! ’Muso oa DC o ananela liphetoho tsena, ’me ke ka hona o

ikemiselitseng ho etsa tse latelang:

a. Ho eketsa litora tsa mehala ea thekeng ka 90% naha ka bophara

b. Ho netefatsa hore se-ea-le-moea sa Lesotho se utloahala hohle

kahar’a Lesotho.

c. Ho khothaletsa liphuputso tsa mahlale le tšebeliso ea ona.

d. Ho holisa tšebeletso ea liposo le mehala, likhokahano tsa marang-

rang esita le tlhahiso ea maselinyana.

2.4 Metsi le Likhoerekhoere

9

Page 10: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

Metsi a hloekileng le taolo e nepahetseng ea likhoerekhoere ke litlhoko tsa

mantlha tsa sechaba hore se phele hantle. Leha ho le joalo, Basotho ba

bangata ha ba na metsi a hloekileng, le hona ho laola likhoerekhoere ka

mokhoa o babalehileng. Tsena tsohle li tlisa qholotso maphelong a

Basotho, ‘me mekutu eohle e etsoang ho thibela mafu a bakoang ke metsi

a sa hloekang e fetoha ntho ea lefeela-felane. Ke kahoo ‘Muso oa DC o

itlamang ho etsa tse latelang:

a. Ho hlahloba linoka tse ling bakeng sa khaho ea matamo a metsi a

tla sebelisoa Lesotho le ho rekisetsoa linaha tse ling.

b. Ho fokotsa bolelele ba nako eo Basotho metseng ba e nkang ho ea

kha metsi a hloekileng.

c. Ho ntlafatsa le ho nyolla maemo a marang-rang a phepelo ea metsi

literopong.

d. Ho aha matamo a kopanelo bakeng sa ho bokella metsi metseng.

e. Ho hokela lipeipei se tsamaisang likhoerekhoere metseng eohle ea

litoropo.

f. Ho tsoela pele ka khaho ea matloana a sirelelitsoeng naha ka

bophara.

g. Ho anetsa matloana a sechaba litoropong le ho bona hore a hloekile

kanako tsohle.

10

Page 11: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

2.5 Matlo a Bolulo

Sechaba se nang le bolulo sea kopana, se fetoha ntho e le ‘ngoe ‘me hona

ho ama boleng le kholiso ea moruo ka tsela e babatsehang. ‘Muso oa DC o

ananela hore Basotho ba na le tokelo ea ho ba le matlo a khotsofatsang,

‘me DC e itlama ho batalatsa mabala hore Basotho bohle ka mekhahlelo e

fapaneng ba be le matlo a bolulo. Boitlamo bona ‘Muso oa DC o tla bo

phethahatsa ka litsela tse latelang:

a. Ho tsoa letšolo ho aha matlo a bolulo a litsi sa sesole, sepolesa,

tlhabollo ea tšoaruoa, esitana le litsi tsohle tsa ‘muso tse fanang ka

litšebeletso tsa mantlha.

b. Ho hloaea bahoebi ba ikemetseng ho theha khokanyana-phiri ka

sepheo sa ho aha matlo a bolulo bakeng sa Basotho ba kholang

meputso e phahameng le e mahareng.

c. Ho sebetsa ka thata ho bona hore matlo a bolulo bakeng sa Basotho

ba kholang meputso e tlase a ahoa.

d. Ho etsa bonnete ba hore matlo a bolulo a ahoa libakeng tse

raliloeng.

e. Ho khothaletsa le ho susumetsa bo-’mé ho kenya letsoho khoebong

ea khaho ea matlo.

2.6 Lipapali

Lipapali le boithapollo li bopa sechaba, ‘me li thusa ho haha ’mele le

likelello tsa sechaba. Lipapali li bopa bonngoe ba sechaba ebile li ruta

bacha boitšoaro bo amohelehang, e leng eona tšia ea ntlafatso ea

sechaba le boitšepo ba sona. ’Muso oa Democratic Congress o ela hloko

bohlokoa ba lipapali maphelong a Basotho, ’me o itlama ho etsa tse

latelang:

a. Ho aha le ho lokisa mabala a seng a ntse a le teng metseng ea

litoropo.

11

Page 12: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

b. Ho khothaletsa bahoebi ba ikemetseng ho tšehetsa lipapali tse ling

kantle ho bolo ea maoto, e le hore le tsona li hole, ‘me libapali tsa

tsona li holisoe.

c. Ho khothaletsa bacha bohle ho rata le ho kenela lipapali e le

mokhoa oa boikopanyo joaloka sechaba sa ka moso.

d. Ho etsa hore likolo li khothaletse bana lipapali hobane hoo ho ka

thusa ho bona ba nang le talenta e sa le nako.

e. Ho aha mabala a lipapali literekeng tsohle.

f. Ho khothaletsa lipapali tse ngata tse fapaneng literekeng.

g. Ho nyolla boemo ba lipapali ho bo fihlisa moo libapali li ka iphelisang

ka papali.

2.7 Lipalangoang

‘Muso oa DC o lumela hore mokhoa oa ho tsamaisa baeti le thepa kahare

le kantle ho naha o lokela ho ntlafatsoa molemong oa kholiso ea moruo.

Ka hona DC e tla atolosa le ho kenya tšebetsong mecha e mengata ea ho

tsamaisa baeti le thepa. ‘Muso oa DC o tla etsa tse latelang:

a. Ho ntlafatsa tsamaiso le taolo ea ‘cross border road transport’ hore

e kenyeletse le litereke tse ling kantle ho Maseru, Maputsoe le

Botha-Bothe.

b. Ho tšoarana ka matsoho le bahoebi ba makoloi ho aha Lefapha la

Lipalangoang le tšepahalang, le ba ballang bophelo ba baeti le

bileng le ipabolang ka litšebeletso.

c. Ho tsosolosa K’hamphani ea Lesotho ea Lifofane (Lesotho Airways)

le ho bona hore e tla tsamaela linaheng tsa Afrika e ka Boroa.

d. Ho ntla lebala lebala la lifofane la Moshoeshoe I le mabala a mang a

ka har’a naha.

e. Ho etsa meralo ea ho kenya tšebetsong maeto a literene bakeng sa

batho le thepa e tsoelang kantle ho naha.

12

Page 13: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

f. Ho rala leano le laolang polokeho ea bapalami ba makoloi a baeti

metseng ea litoropo.

g. Ho ntlafatsa liketsoana tse tšelisang baeti le thepa linokeng.

h. Ho thusa ho bopa khokanyana-phiri ea bahoebi ba literaka tse

kholohali tse tsamaisang thepa kahare le kantle ho naha ele hore

bohle ba tšoaele.

i. Ho netefatsa hore hohle boemelong ba makoi, baeti le thepa ea

bona ba baballehile, ‘me boteng ba sepolesa bo bonahala ka nako

tsohle.

2.8 Limmaraka

Khoebo e hola ha ho e-na le libaka tse khethehileng moo bahoebi,

bahlahisi le bareki ba kopanang teng, ‘me libaka tse joalo li lokela ho

fihleleha habobebe, li hloeke ‘me li sireletsehe. Kahoo ‘Muso oa DC o

itlama ho etsa tse latelang:

a. Ho aha libaka tse khethehileng tsa limmaraka bakeng sa bahoebi ba

banyenyene ba thepa, lijo, liphoofolo le litšebeletso tse kang

moroko, tokiso ea lisebelisoa tsa malapeng, tšebeliso ea letlalo,

tšeho ea masenke, litšepe le linotlolo, joalo-joalo.

b. Ho atolosa le ho ntlafatsa limmaraka tsa lijo le ho li atameletsa

lihlahisoa tse behoang ke temo.

c. Ho theha limmaraka tse buloang ka linako le matsatsi a

khethehileng (libeke, likhoeli le linako tsa selemo tse itseng) tse tla

nyolla boemo ba tlhahiso le thekiso ea thepa e ka hohelang

bahahlauli.

13

Page 14: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

d. Ho fepela limmaraka ka metsi, motlakase, matloana le taolo e

nepahetseng ea lithole.

e. Ho tiisa likhokahanyo lipakeng tsa bahlahisi ba Basotho le ba

machaba molemong oa ho holisa khoebo.

14

Page 15: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

2.9 Mesebetsi e Meholo (Industry)

Mesebetsi e meholo e tlisa phetoho kholong le botsitsong ba moruo

kahar’a naha. Leha ho le joalo, ho tlisa mesebetsi e meholo e fapaneng ke

qholotso naheng ea Lesotho. Ke kahoo ‘Muso oa DC o itlamang ho

phethahatsa meralo e latelateng:

a. Ho holisa lifeme tse nyenyane le tse mahareng.

b. Ho holisa tlhahiso ea thepa e ‘ngoe ka thoko ho liphahlo.

c. Ho fokotsa mesebetsi e silafatsang tikoloho.

d. Ho holisa mesebetsi ea ntlafatso ka sepheo sa ho loantša bofuma.

e. Ho khothaletsa le ho matlafatsa taba ea hore batseteli ba sebetse ka

tsela eo tsebo le mahlale li fetelang ho basebetsi le Basotho.

f. Ho susumetsa hore ho etsoe liphuputso le mahlale a ho hlahisa

thepa.

g. Ho holisa le ho khothatsa lifeme tse sa ntšeng mesi e silafatsang

tikoloho

h. Ho holisa tlhahiso ea meriana le litlolo.

i. Ho ntlafatsa boqapi le bonono ba bana ba Basotho.

15

Page 16: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

3. TEMO LE KANETSO EA LIJO

Naha ea Lesotho e tobane le mathata a tlhokahalo ea lijo ka mabaka a

mangata a kenyeletsang phetoho ea boemo ba leholimo, tšebeliso e mpe

ea mobu, khaello ea thepa ea temo, bosholu ba liphoofolo le tse ling.

Tlhokahalo ena ea lijo e bakile hore naha ea rona e phele ka liphallelo le

ho reka lijo linaheng tse ling. Khaello ea lijo e ama haholo mafutsana kaha

ba sitoa ho reka lijo ekasita le thepa ea temo. ‘Muso oa DC o tla phehella

ho bona hore tlhahiso ea lijo e arabela tlhoko ea balemi ka ho etsa maano

a hlakileng sebakeng sa balemi ba banyenyane le ba baholo. Re tla fihlela

sena ka ho beha tlhahiso ea lijo sehlohlolong sa maano ‘ohle a naha

joaloka maano a pheliso ea bofuma, maano a mobu le maano a ntlafatso

metseng. ‘Muso oa DC o itlama ho etsa tse latelang:

a. Ho khothaletsa le ho thusa balemi ho noesetsa lirapa le masimo ka

mekhoa e mengata e kenyeletsang tšebeliso ea metsi a matamo,

linoka, linokana le a khakeletsoang malapeng.

b. Temo ea noesetso ka mokhoa o moholo (irrigated commercial

agriculture)

c. Ho ntlafatsa le ho holisa lihoai tse nyenyane ka ho li bulela menyetla

ea likalimo, limmaraka, litšebeletso tsa bosupisi ba temo le

lithupelo.

d. Ho kenya tšebetsong mekhoa ea tlhahiso ea lijo e ntlafatseng empa

e fihleleha ho bohle.

e. Ho matlafatsa mekhatlo ea lihoai ka mefuta eohle ea eona, e le hore

e kenye letsoho ka matla tlhahisong ea lijo.

f. Ho etsa letsete la temo ka ho aha litsi tsa liphuphutso, lisiu, likiri le

mecha ea likhokahano, e le ho bebofaletsa lihoai ho fumana leseli

ka tlhahiso le thekiso ea tse behoang ke temo.

g. Ho ntlafatsa temo hore e be khoebo e ka hohelang litsebi, barutehi,

basali le bacha.

16

Page 17: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

h. Ho sebeletsa hore ka tšebelisano ‘moho le bahoebi ba likoloi tsa

literaka, ho tsamaisoe thepa ea temo le ho aha litsi tsa tšebetso ea

thepa e kang boea le tse ling.

i. Ho fana ka linyehlisetso tsa temo tse khethehileng lihlopheng tse

tlokotsing le maqheku.

j. Ho ntlafatsa temo e baballang mobu e le ho phahamisa tlhahiso ea

lijo.

k. Ho holisa tlhahiso ea liphoofolo tse nyenyane (likhoho, likolobe) ho

tlatseletsa moo temo ea masimong e sa atleheng.

l. Ho ntlafatsa temo ea majareteng e tla ntlafatsoa ka phano ea lipeo,

litanka tsa pokello ea metsi le lithupelo.

m. Ho anetsa litšebeletso tsa likalimo ho lihoai tse nyenyane ho reka

lipeo le thepa ea temo e le ho tlatsetsa tlhahisong ea lijo.

n. Ho hlahloba maano a temo khafetsa hore a nyallane le a mang a

khothaletsang tekano tabeng tsa mobu le tse ling.

o. Ho sala morao tšebeliso ea mobu ele hore mobu ‘ohle oa temo o

sebelisetsoe ho hlahisa lijo tse tla fepa sechaba.

p. Ho fana ka leseli le tlhokomeliso ka litaba tsa temo mafapheng

‘ohle.

q. Ho khothaletsa ho thehoa ha lihlopha tsa sechaba tseo e tla ba

leihlo la ’muso ho bona hore leano la tlhahiso ea lijo lea

phethahatsoa.

4. NTLAFATSO EA BACHA

Karolo ea mashome a mahlano lekholong (50%) ea sechaba sa Basotho ke

bacha. Bacha ke tšepo, kholo le bokamoso ba sechaba se seng le se seng.

‘Muso o eteletsoeng pele ke Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) o beha

tšepo ea oona ho bacha, ‘me DC e itlama ho sebetsa ho arabela litlhoko le

17

Page 18: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

litabatabelo tsa bacha ba Lesotho bao e leng bona mokokotlo oa puso le

tsoelopele ea naha. DC e tla kenya tšebetsong menyetla ea moshoelella

ea matsete bakeng sa bacha e le ho ba kenya moea oa boitšepo

khoebong esita le ho ikhantša ka Bosotho ba bona.

Democratic Congress e tla sebetsa ‘moho le Lekhotla la Bacha le sa tsoa

thehoa hore le sututse ka matla phethahatso ea maano a reretsoeng

ntlafatso ea bacha esita le ho emela bacha methating eohle ea puso.

Bacha ba tla susumetsa popo ea maano a tla ba fa menyetla ea kholo le

boikemelo. Ka hona, DC e tla etsa tse latelang ho ntlafatsa bacha:

a. Ho matlafatsa lenane-thuto likolong hore le ikamahanye le

Chebelopele ea 2020.

b. Ho matlafatsa mesebetsi ea boitjaro le boqapi tlhahisong.

c. Ho ruta bacha ka tsela eo ba tla tseba ho ikhira le ho itjara.

d. Ho eketsa lenane la likolo tsa mesebetsi ea ho ikhira.

e. Ho theha mesebetsi ea nakoana bakeng sa baithuti ba likolo tse

phahameng.

f. Ho hlomella bacha ka thuto le litsebo tse lekaneng hore ba ka

iketela mesebetsi machabeng.

g. Ho kenya Thuto-Molimo likolong tsohle hobane bacha ba lokela ho

tseba, ho rata le ho hlompha Molimo, e le hore e tle e be sechaba se

phethahetseng se itlhomphang le ho hlompha ba bang.

h. Ho ntlafaletsa bacha mabala a lipapali le ho holisa ba nang le

talenta ea bonono.

i. Ho kenya tšebetsong manane a tataiso ea bacha khethong ea

mafapha ao ba lakatsang ho ithutela ‘ona likolong tse phahameng.

j. Ho aha bacha lipolotiking le ho ba hlahlella ka tsebo ea puso ea

sechaba.

k. Ho matlafatsa bacha ba seng ba ntse ba e-na le litsebo tsa

mesebetsi ea matsoho.

18

Page 19: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

l. Ho etsa maoala a hore bacha ba be le lerato la naha ka ho phetha

mesebetsi ea boithapo.

m. Ho kenya tšebetsong leano la “Bacha bosebeletsibg ba sechaba”

(Naional youth service) ha ba qeta mekhahlolo ea likolong tse

mahareng le tse phahameng.

19

Page 20: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

5. NTLAFATSO LE PABALLO EA BASALI

(Basali-tau-li-mesana)

Basali ba Basotho ba na le nalane ea thuto e phahameng papisong le

banna ba Basotho. Katleho ena e entse hore naha ea rona e be le

khatelopele litabeng tse amang basali. ‘Muso oa Lesotho o tsebile ho

fetisa maano le melao e felisang khethollo ea basali litabeng tsa moruo le

lipolotiki. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le masalla a melao le litloaelo

tse sekisetsang basali, haholoholo litabeng tsa boetapele mafapheng a

mangata. Tlhekefetso le lipolao tsa basali e ntse e le tšita e kholo e

sitisang basali ho ba le bolokolohi bo feletseng. Palo ea basali ba bolaoang

ke pelehi e ntse e phahame, ‘me basali ba bangata ba futsanehile ka

lebaka la moruo o nyotobetseng oa lefatše, ‘me sena se etsa hore ba

fumanoe ka bongata e le baitšokoli.

‘Muso oa Puso ea Sechaba (DC) o labalabela ho bona basali ba nka

menyetla eohle e teng khoebong le lipolotiking, e le hore sechaba se une

molemo ka litsebo le lineo tsa bona. Basali ba lokela ho matlafatsoa ka

litsebo le ho ikakhela ka matla litabeng tsa tlhahiso ea lijo e le ho fokotsa

bofuma. Melao le maano a reretsoeng ho sireletsa basali le banana

khahlanong le lipeto le lipolao, a tla fetisoa, e le hore ba tsebe ho phela ka

bolokolohi ba tle ba tsebe ho sebeletsa kholo ea malapa a bona le ea naha

ka kakaretso.

5.1 Melao le Maano a Tekano

a. Ho tla etsoa tlhahlobo ea melao ea bojalefa, e le hore e nyallane le

litumellano tsa machaba tse holim’a tekano ‘me tseo Lesotho le li

tekenetseng.

b. Ho tla etsoa melao e sireletsang seriti le litokelo tsa basali le

banana.

c. Ho tla anetsoa thuto le tlhokomeliso ka mekhoa le litloaelo tse

nyenyefatsang le ho khetholla basali, haholo basali ba nang le

bokooa.

20

Page 21: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

d. Ho tla ntlafatsoa leano le teng la tekano hore le be maemong a

mongoaha-kholo joaloka phetoho ea leholimo le ho hoebisana ka

batho.

e. Boikarabello ba Lekala la Tekano bo tla hlahlojoa, e le hore bo

tsamaellane le leano la tekano hammoho le maano a ntšetsopele ea

naha.

f. Litumellano tsohle tsa machaba tseo naha e li tekenetseng li tla

tsebahatsoa ho sechaba, ‘me li phethahatsoe ho ipapisitsoe le

maemo a naha le litlhoko tsa eona.

g. Likahlolo tsa lipeto li tla akofisoa, ‘me likotlo li be boima e le thuto

ho litloli tsa molao le ho sechaba ka kakaretso.

h. Phethahatso ea molao ho litloli tsa molao oa khoebisano ka batho e

tla matlafatsoa. DC e tla matlafatsa tsebo le boiphihlelo litabeng tsa

thibelo le pheliso ea khoebisano ka batho.

i. Ho tla etsoa leano le hlakileng la ho kenyeletsa litaba tsa tekano

(gender mainstreaming) methating le mafapheng ‘ohle a puso.

5.2 Meralo ea ntlafatso ea Basali

Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) le ikemiselitse ho ntlafatsa boemeli ba

basali methating eohle ea puso le bosebeletsi. DC e tla tsoelapele ho

ntlafatsa maemo a basali litabeng tsa moruo le phelisong ea bofuma, ‘me

lentsoe la bona le tla sekeheloa tsebe. Re tla fihlela tsena ka ho etsa tse

latelang:

a. Basali ba phelang metseng ba tla ntlafatsoa ka litsebo tsa kholiso ea

temo le paballo ea lihloliloeng, e le ho tlatsetsa tlhahisong ea lijo.

b. Basali ba tla matlafatsoa ka tsebo ea lipolotoki le puso ea sechaba

ka sechaba, e le hore ba tle ba ahe lekhotla la bona (council) le ho

anetsa puso e hloekileng kahar’a Lekhotla le kahar’a naha.

21

Page 22: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

c. Litokelo tsa basali moruong li tla ntlafatsoa, ‘me ba tla thusoa ho

theha mekhatlo e tsitsitseng ea lipoloko le likalimo tsa lichelete tse

thehiloeng holim’a leano la botšepehi (Grameen Bank principles).

d. Ho tla thehoa letlole la Basali le Ntlafatso (Lesotho Women’s

Development Fund (LWDF)) le tlang ho thusa basali ho qala likhoebo

tse nyenyane ho kenyeletsoa le basali ba baitšokoli.

e. Litokelo tsa bophelo bo botle le kholiso ea bana li tla baballoa e le

hore basali ba be le monyetla oa ho phela bophelo bo ntlafetseng,

bo ba lumellang ho ikakhela ka matla litabeng tsa kholiso ea moruo.

f. Basali ba keneng likhoebong tse kholo, lipolotiking le maemong a

phahameng ka kakaretso, ba tla khothatsoa le ho nyolla palo ea

bona.

g. Banana ba tla khothaletsoa ho ithutela lithuto tsa mahlale, e le hore

ba tsebe ho kena mesebetsing eo kanako e telele, e neng e nkoa e

le ea banna.

h. Ho tla khothaletsoa hore likhakanyo tsa makala a ’muso li

kenyeletse koetliso litabeng tsa tekano.

6. PABALLO EA KAROLO EA SECHABA E TLOKOTSING,

HAMMOHO LE LITABA TSA BOPHELO

6.1 Karolo ea sechaba e tlokotsing

22

Page 23: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

‘Muso oa DC o tla tsoelapele ho baballa mekhahlelo eohle ea sechaba e

tlokotsing, joalo ka maqheku, likooa, likhutsana, Mekaubere ea lintoa tse

peli tsa lefatše, le baloaneli ba tokoloho ea Lesotho (LLA).

6.1.1 Maqheku

‘Muso oa DC o tla tsoelapele ho abela maqheku lipenchene tsa khoeli le

khoeli esita le ho lula o eketsa chelete eo ha maemo a lichelete a lumela.

DC e tla hlopha bocha tsela eo maqheku a lefshoang lipenchene ka eona,

e le ho ba imolla mathateng a mangata a ba tobileng khoeli le khoeli

tefong ea lipenchene.

6.1.2 Likooa

’Muso oa DC o tla tsoelapele ho boulela litokelo tsa batho ba nang le

bokooa le ho ba sireletsa hore ba se khetholloe ka lebaka la bokooa. O tla

netefatsa hore bana ba likooa ba fumana thuto ea boipheliso e le hore ba

se fetohe mekopakopa. Thuto ea bona e tla kenyeletsa le litsebo tsa

boitšematlelo.

6.1.3 Likhutsana

’Muso oa DC o tla tsoelapele ka leano le atlehileng haholo la ho lefella

bana ba likhutsana likolong. O tla netefatsa hore Ofisi ea Mosireletsi

(Master of the High Court) e nanabetsa litšebeletso literekeng tsohle tsa

naha ho baballa mafa a bana ba likhutsana.

6.1.4 Bana ba fumanoang mapatlelong a litereta litoropong

Haele sebakeng sa bana ba lulang mapatlelong teng, DC e tla bula litsi tsa

tlhabollo ea bona tse tla kenyeletsa batsoali moo ho ka sebetsehang joalo,

e le hore ba qetelle ba khutletse malapeng a bo-bona.

6.1.5 Mekaubere ea lintoa tse peli tsa lefatše, le baloaneli ba

tokoloho ea Lesotho (LLA)

’Muso oa DC o tla tsoelapele ho amohelisa Mekaubere ea lintoa tse peli

tsa lefatše lipenchene le ho kenyeletsa baloaneli ba tokoloho ea Lesotho

(LLA). Ho feta mona, ‘Muso o tla sebetsa le mokhatlo oa mekaubere ea

lekhotla la topollo la Lesotho (LLAVETA) ho orosa masapo a ba oeleng

moleng oa ntoa.

6.1.6 Batho ba bang ba tlokotsing

23

Page 24: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

DC e tla mema likereke le mekhatlo e ikemetseng ho tlatsetsa phanong ea

litšebeletso tsa ntlafatso le tlhokomelo ea sechaba. DC e tla thusa malapa

a tlokotsing ka tlatsetso mererong ea boipheliso esita le ea ho iqalla

likhoebo tse nyenyane metseng. ‘Muso oa DC o tla lula o phallela Basotho

ba anngoeng ke likoluoa ka litsela tsa ho iphelisa le ho bokeletsa maphelo

a bona kamor’a likoluoa.

6.1.7 Basebetsi

‘Muso oa DC o tla theha mesebetsi molemong oa sechaba esita le ho

khothaletsa bao o sebelisanang le bona ho bula menyetla e joalo. DC e tla

netefatsa hore basebetsi bohle ba likhoebo tse ikemetseng ba kenella

letloleng la lipenchene le tšoanang le la basebetsi ba ‘Muso (Contributory

Pension Scheme). DC e tla kenya tšebetsong letlole la bokuli le

nyehelloang ke mohiri le mosebetsi e be e hlahlobe bocha matšeliso a

etsetsoang basebetsi (workman’s compensation). E le hore basebetsi

bohle naheng ea Lesotho ba tšoane, DC e tla khothaletsa bahiri ba

likhoebo tse ikemetseng ho theha letlole la phomolo ea setsoetse bakeng

sa basali.

6.2 Bophelo

Makhobonthithi ohle a ile a etsoa ho eketsa le ho fana ka litšebeletso tsa

bophelo e ka sita le hona ho aha lipetlele le litliliniki tsa bophelo. Keketso

ea phano ea lipilisi le meriana e bile e phahameng haholo, ‘me le litliliniki

li ile tsa rekeloa thepa. ‘Muso oa DC o itlama ho etsa litaba tsa bophelo

karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Litlhoko tsa bophelo tsa sechaba li

tla eloa hloko, `me bosebeletsi bo tla matlafatsoa hore sechaba sa rona e

be se phetseng hantle, e be se hloahloa. Hore tsena tsona li fihleloe,

‘Muso oa DC o tla:

a. fana ka litšebeletso tsa mahala ho sechaba se tlokotsing;

b. thakhola moralo oa “naha e hloeking”;

c. matlafatsa thuto ka bophelo bo nepahetseng;

d. eketsa le ho matlafatsa bosebeletsi ba bophelo;

e. eketsa le ho matlafatsa litsi tsa thupelo ea bophelo;

f. lokisa boemo ba mosebetsi le litšebeletso;

24

Page 25: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

g. theha letlole la bolulo bakeng sa basebetsi ba nang le litsebo ka

khokanyana phiri;

h. etsa meralo e hohelang litsebi tabeng tsa bophelo ho sebetsa ka

har’a naha;

i. phahamisa tekano ka sepheo sa ho hohela litsebi ho sebetsa

maloting le ho matlafatsa litsiane tse khethehileng (hardship

allowance) tsa loting;

j. etsa litsi hohle ka har’a naha bakeng sa mafu a tšoaetsanang joalo

ka TB;

k. ntlafatsa tšebelisano bakeng sa tšebeliso ea methokho le meriana

ea sejoale-joale;

l. kenya ka matla melao e laolang likhoerekhoere;

m. fana ka litliliniki tse tsamaeang;

n. eketsa phano ea lipilisi le meriana;

o. fana ka tšebeletso ea likoloi tse potlakisang bakuli;

p. matlafatsa litšebeletso le litsi tsa sechaba tsa bophelo;

q. potlakisa toantšo khahlanong le koatsi ea se-tla-bocha (HIV and

AIDS), lefuba le ho fokotsa palo ea mafu a bana;

r. matlafatsa letšolo la basali ba boloang ke pelei le ho fokotsa

tlhokahalo ea masea;

s. etsa hore lichelete li be teng bakeng sa litsi tsa bophelo ka sepheo

sa ho matlafatsa bophelo ba Basotho;

t. tsetela mererong ea liphuputso le ntlafatso ea lefapha la bophelo;

u. matlafatsa bophatlalatsi ka meralo e reretsoeng ho ruta sechaba ka

boitšoaro bo nepahetseng.

7. KANETSO EA PUSO EA SECHABA KA SECHABA LE PUSO E NTLE

25

Page 26: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

7.1 Kanetso ea Puso ea Sechaba ka Sechaba

Puso ea sechaba ka sechaba (democracy) ke mokokotlo oa kholiso ea

moruo le ntlafatso ea sechaba. ‘Me Puso ea sechaba ka sechaba e fa

sechaba monyetla oa ho kenya letsoho liqetong tse se amang. Kahoo

‘Muso oa DC o itlama ho matlafatsa Paramente le Makhotla a Puso ea

Libaka, litšiea tsa puso ea sechaba ka sechaba.

7.1.1 Matlafatso ea Paramente

Ho tloha ka 1993 ha Lesotho le khutlela Pusong ea sechaba ka sechaba,

ho entsoe liphetoho tse ngata ho ntlafatsa Paramente e le sona setsi sa

mantlha se fang sechaba lentsoe pusong. Liphetoho tseo ke tse latelang:

a. Mofuta oa likhetho, motsoako oa masiea-sieane le khekhethane.

Mofuta ‘ona o ntlafalitse boemeli Paramenteng ka hore mekha ea

lipolotiki e mengata.

b. Theho ea likomiti tsa Paramente tse hlahlobang mosebetsi oa

Makala a ‘Muso.

c. Matlafatso ea boemeli ba basali. Ho latela Molao oa Likhetho tsa

Naha oa 2011, manane a khekhethane a lokela ho hlophisoa ka

tekano ho bakhothaletsuoa ba basali le banna.

d. Khaho ea Paramente e ncha holima leralla la Mpilo Maseru

‘Muso oa DC o ikamahanya le liphetoho tsena tse entsoeng nakong ea

puso ea Moetapele Dr. Pakalitha Mosisili, ‘me o tla tsoelapele ho thusa

Paramente ho phetha mosebetsi oa eona ka bokhabane ka ho ba le

lichelete le bosebeletsi bo hloahloa.

7.1.2 Matlafatso ea Puso ea Libaka

Makhotla a Puso ea Libaka a ile a thehoa ka sepheo sa ho tebisa metso ea

puso sechabeng le ho fana ka litšebeletso tse ntlafetseng. Sepheo sa

mantlha ke ho fa sechaba matla a ho khetha litho tse ba emelang

Makhotleng a Puso ea Libaka, ho kenya letsoho liqetong tse ba amang, ho

etsa meralo le ho kenya tšebetsong meralo ea ntlafatso.

26

Page 27: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

‘Muso oa DC o itlama ho ntšetsa pele puso ea libaka le ho bona hore

mananeo ‘ohle a reretsoeng ho atlehisa theolelo ea matla sechabeng a

phethahala. Mananeo ana a kenyeletsa a latelang:

a. Phetisetso ea mesebetsi Makhotleng a Puso ea Libaka ho tsoa

Makaleng a ‘Muso.

b. Phetisetso ea basebetsi ba phethang mesebetsi e tla theoleloa

Makhotleng a Puso ea Libaka.

c. Phetisetso ea lichelete tse tla sebelisoa ho phethahatsa mesebetsi

Makhotleng a Puso ea Libaka.

d. Phetisetso ea thepa eohle e tla thusa Makhotla a Puso ea Libaka ho

fana ka bosebeletsi bo hloahloa.

7.2 Puso e nepahetseng

7.2.1 Ho Matlafatsa Metso ea Puso ea Molao

‘Muso oa DC o tla sebetsa ka thata ho bona hore khotso ea rena, litokelo

tsa botho lia hlomphuoa, le ho bona hore molao, toka, khotso, botsitso le

tšireletso li ba teng. Tsena tsohle li tla fihleloa ka hore litsi tsa toka li se ke

tsa ba le tšekamelo ea lipolotiki, le hore lisebetse ka ponaletso. Kabo ea

toka e tla hloka leeme, e akofe, e be e ikemele. Litsi tsa toka li tla

matlafatsoa ka sepheo sa ho aha bosebeletsi bo chatsi. Hona ho

kenyeletsa koetliso ea mapolesa litabeng tsa lipatlisiso ka mokhoa o

tebileng, le tšebelisong ea mahlale ho etsa lipatlisiso.

‘Muso oa DC o tla kena letšolong la ho loantša litlolo tsohle tsa molao;

haholo-holo bosholu ba liphoofolo, peto, lipolao. DC e tla tsoelapele ho

ntlafatsa litsi tse reretsoeng ho kenya molao tšebetsong. Litsi tsena li tla

hlomelloa ka lisebelisoa tsa morao-rao tse thibelang le ho loantša litlolo

tsa molao. Ho feta moo, ho tla ntlafatsoa le ho eketsa metebo ea

sepolesa, litsi tsa tlhabollo le tsa sesole, ‘moho le bolulo ba bahlanka bana

ba tšireletso.

7.2.2 Ho Nena Bobolu

Bobolu ke mofetše o monyang boleng ba sechaba le ntlafalo ea moruo.

‘Muso o sebelisa lichelete tse ngata ho fenya bobolu, lichelete tse ka beng

li lebisoa lintlafatsong ho tlatsetsa mafapheng a kang a bophelo, thuto,

27

Page 28: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

mererong ea ho theha mesebetsi le hona ho hohela bahoebi ba tsoang

kantle. ‘Muso oa DC o tla kena letšolong la toantšo ea bobolu ka:

a. Ho matlafatsa Lefapha la Toantšo ea Bobolu le Bomenemene

tšebetsong ea ho beha babelaelloa kapel’a Makhotla a Molao.

b. Ho kenya ka matla Molao oa Phatlalatso ea Thepa (Act on

Declaration of Assets).

c. Ho amoha ba ikatlehisitseng ka bomenene matlotlo a bobolu.

7.2.3 Bosebeletsi ba Sechaba

Bosebeletsi ba sechaba bo bohlokoa haholo naheng efe kapa efe

phethahatsong ea maano a ntlafatso le merero ea ntšetsopele ea ’muso

molemong oa sechaba. Hangata merero e metle ea mebuso e

hopoletsoeng ho thusa sechaba, e ka putlama habonolo ha bosebeletsi ba

sechaba, e le bophethahatsi, bo fokola kapa bo e-na le likhaello tsa

litsebo.

Rona re le Democratic Congress rea elelloa hore re hloka bosebeletsi ba

sechaba bo chatsi ho re thusa ho phethahatsa maano temong, thutong,

bophelong, bohahlauling, joalo-joalo. Re hloka bosebeletsi bo chatsi ho re

thusa ho isa litšebeletso sechabeng. Re phela nakong ea liphetoho le

tsoelopele e kholo tšebelisong ea mahlale, ’me ka hona re itlama ho fetola

bosebeletsi ba sechaba hore e be:

a. Bosebeletsi bo isang litšebeletso sechabeng. Re hloka bosebeletsi

bo behang sechaba kaholimo-limo ho tsohle.

b. Bosebeletsi bo tsotellang basebeletsuoa, bo nang le boiqapelo le

boiphihlelo ’me bo ikemiselitseng ho khema le liphetoho.

c. Bosebeletsi bo sebelisang mahlale ho akofisa khoebo le kholiso ea

moruo.

d. Bosebeletsi bo sa hahlameloeng ke mofetše oa bobolu. Melao le

melaoana e tla ahlola bahoebi le bahlanka ba etsang liketso tsa

bobolu e tla kenngoa tšebetsong ‘me likahlolo e tla ba tse boima.

28

Page 29: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

e. Bosebeletsi ba sechaba bo laolehang bo jarang boikarabelo ba

liphoso tsa bona. Bosebeletsi boo e leng bohlanka, ’me bo

tšoanelehang ha bo re “Bua Morena, mohlanka oa hao o mametse.”

8. HO MATLAFATSA LIKAMANO LE LINAHA TSEO RE AHISANENG LE

TSONA

Lesotho ke setho mekhatlong ea lefatše, ‘me ‘Muso oa DC o lumela hore

tšebelisano le linaha tse ling moruong le lipolotiking e ka tlisa ntlafalo

maphelong a Basotho. Kahoo ‘Muso oa DC o tla tsoelapele ho etsa tse

latelang:

a. Ho phelisana ka khotso le Afrika Boroa, moahisane a le mong oa

Lesotho.

b. Ho loanela bolokolohi ba Basotho le thepa ea bona malibohong a

Lesotho le Afrika Boroa. Sena se tla potlakisa phano ea lipolomiti tsa

makoloi, mosebetsi, thuto le basebetsi ba nakoana ba lipolasing.

c. Ho baballa likamano tse ntle le linaha tse ling, Afrika le lefatše lohle.

d. Ho boloka likamano tsa machaba ka sepheo sa ho matlafatsa khotso

le kholo ea moruo.

e. Ho matlafatsa mekhoa ea ho kenya tšebetsong litumellano tsa

machaba.

f. Ho tšehetsa boiteko ba ho fenya bokhukhuni.

g. Ho loantša liketso le litloaelo tse eketsang tšenyeho ea tikoloho le

phetoho ea leholimo.

h. Ho ntlafatsa likamano tsa Basotho ba kahar’a naha le Basotho ba

linaheng tse ling, e le ho boloka bonngoe le kopano.

i. Ho khothaletsa Basotho ba nang le litsebo ho emela naha

mekhatlong ea machaba joaloka UN, AU, NEPAD, SADC le SACU

29

Page 30: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

BOITLAMO BA DEMOCRATIC CONGRESS HO SECHABA SA LESOTHO

Rona, litho tsa Democratic Congress re utloisisa hore Basotho bohle ka

maemo a fapaneng ke bababalli ba bokamoso bo botle ba sechaba sa

naha ea Lesotho.

Ka hona, re itlama ho sebetsa le sechaba molemong oa sechaba, re tla

ikakhela ka matla ho ntlafatsa maphelo a Basotho. Re tla menahanya

mehato ea ho bona hore Basotho ba phela bophelo bo phethehileng, bo

hlomphehang naheng ea bona.

Re tla sebetsa ka matla ‘ohle a rona re sa thekesele ho tsitlallela hore

Basotho ba ntlafatsoe mafapheng ‘ohle a bophelo e le hore Lesotho e be

naha e tla hlomphuoa ke lefatše lohle.

30

Page 31: MOHOO OA DC ELECTION MANIFESTO FOR DC

MOCHA, HOOA KA THABO LE SEBETE U RE:

“DC TŠEPO EA KA, BOKAMOSO BA KA”

’NETE KE THEBE, SECHABA KE POHO!

31