tjhatha ya matjhaba a kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka...

28
Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng SELELEKELA KA LEBAKA LA HOBANE MATJHABA A KOPANENG A LEFATSHE A IKEMISEDITSE HO boloka meloko e latelang kgahlanong le ditlokotsi tsa dintwa, tseo habedi nakong ya meloko ya rona di tlisitseng mahlomola a ke keng a phetwa ho batho, le ho tiisa tumelo ya rona ditokelong tsa motheo tsa botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho theha maemo ao tlasa wona toka le tlhompho ya maitlamo a thomehang dilekaneng le mehlodi e meng ya molao wa matjhaba di tla tswelletswa, le ho phahamisa kgatelopele ya setjhaba le maemo a ntlafetseng a bophelo tokolohong e pharaletseng, MME HO FIHLELLA TSENA re phele ka kgathallano le mmoho ka kgotso re le baahisani ba lokileng, le ho kopanya matla a rona ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba, le ho netefatsa, ka kamohelo ya maano le mekgwa ya motheo, e reng mabotho a hlometseng a ke ke a sebediswa, ntle le molemong wa bohle, le ho sebedisa matsapa a matjhaba bakeng sa kgodiso le ntshetsopele ya moruo le setjhaba ho batho bohle, RE IKANNE HO MATAHANYA MAITEKO A RONA HO FIHLELLA DITABATABELO TSENA Ka tshwaneleho. Mebuso ya rona ka ho fapana, ka baemedi ba yona sebokeng sa toropo ya San Francisco, e bontsitseng matla a feletseng a yona mme a fumanweng a le maemong a amohelehang le a lebeletsweng, e dumellana ho nehelana ka Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng mme mona ba theha mokgatlo wa matjhaba o tla tsejwa jwalo ka Matjhaba a Kopaneng. KGAOLO YA I MAIKEMISETSO LE MAANO Athikele ya 1 Maikemisetso a Matjhaba a Kopaneng ke: 1. Ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba, mme ho fihlela sena: Ho nka mehato e atlehileng e akaretsang ya ho thibela le ho tlosa ditshosetsi tsa kgotso, le ho fothola diketso tsa dikgoka kapa dithunthetso tse ding tsa kgotso, le ho tlisa ka kgotso, le ka ho ikamahanya le maano a toka le molao wa matjhaba, tsitsiso kapa tharollo ya dikgohlano tsa matjhaba kapa maemo a ka lebisang tshenyong ya kgotso; 2. Ho ntshetsapele dikamano tsa setswalle hara dinaha tsa matjhaba motheong wa tlhompho ya leano la tekano ya ditokelo le boitherelo ba

Upload: others

Post on 17-Jan-2020

9 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Page 1: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng

SELELEKELA

KA LEBAKA LA HOBANE MATJHABA A KOPANENG A LEFATSHE A IKEMISEDITSE HO boloka meloko e latelang kgahlanong le ditlokotsi tsa dintwa, tseo habedi nakong ya meloko ya rona di tlisitseng mahlomola a ke keng a phetwa ho batho, le ho tiisa tumelo ya rona ditokelong tsa motheo tsa botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho theha maemo ao tlasa wona toka le tlhompho ya maitlamo a thomehang dilekaneng le mehlodi e meng ya molao wa matjhaba di tla tswelletswa, le ho phahamisa kgatelopele ya setjhaba le maemo a ntlafetseng a bophelo tokolohong e pharaletseng,

MME HO FIHLELLA TSENA re phele ka kgathallano le mmoho ka kgotso re le baahisani ba lokileng, le ho kopanya matla a rona ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba, le ho netefatsa, ka kamohelo ya maano le mekgwa ya motheo, e reng mabotho a hlometseng a ke ke a sebediswa, ntle le molemong wa bohle, le ho sebedisa matsapa a matjhaba bakeng sa kgodiso le ntshetsopele ya moruo le setjhaba ho batho bohle,

RE IKANNE HO MATAHANYA MAITEKO A RONA HO FIHLELLA DITABATABELO TSENA Ka tshwaneleho. Mebuso ya rona ka ho fapana, ka baemedi ba yona sebokeng sa toropo ya San Francisco, e bontsitseng matla a feletseng a yona mme a fumanweng a le maemong a amohelehang le a lebeletsweng, e dumellana ho nehelana ka Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng mme mona ba theha mokgatlo wa matjhaba o tla tsejwa jwalo ka Matjhaba a Kopaneng.

KGAOLO YA I

MAIKEMISETSO LE MAANO

Athikele ya 1

Maikemisetso a Matjhaba a Kopaneng ke:

1.

Ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba, mme ho fihlela sena:

Ho nka mehato e atlehileng e akaretsang ya ho thibela le ho tlosa ditshosetsi tsa kgotso, le ho fothola diketso tsa dikgoka kapa dithunthetso tse ding tsa kgotso, le ho tlisa ka kgotso, le ka ho ikamahanya le maano a toka le molao wa matjhaba, tsitsiso kapa tharollo ya dikgohlano tsa matjhaba kapa maemo a ka lebisang tshenyong ya kgotso;

2. Ho ntshetsapele dikamano tsa setswalle hara dinaha tsa matjhaba motheong wa tlhompho ya leano la tekano ya ditokelo le boitherelo ba

Page 2: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

ditjhaba, le ho nka mehato e lokelang ho matlafatsa kgotso ya lafatshe ka bophara;

3. Ho fihlella tshebedisano ya matjhaba tharollong ya mathata a matjhaba a sebopeho sa moruo, setjhaba, botjhaba, kapa a botho, le ho kgothaletseng tlhompho ya ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa motheo tsa botho bakeng sa bohle ntle le morabe, bong, puo, kapa bodumedi; le

4. Ho ba kgubu ya ho matahanya diketso tsa matjhaba phihlellong ya dintlha tsena tse amang bohle.

Athikele ya 2

Mokgatlo le Ditho tsa wona, mekutung ya ho fihlela Merero e boletsweng ho Article 1, o tla sebetsa ho latela Maano a latelang.

1. Mokgatlo o thehilwe hodima leano la tekano ya dinaha tsohle tseo e leng Ditho tsa wona.

2. Ditho tsohle, e le ho di netefaletsa ditokelo le melemo e tliswang ke botho ba tsona, di tla phethahatsa ka moya wa tshepeho maitlamo ao di a jarang ho latela Tjhatha ya hajwale.

3. Ditho tsohle di tla rarolla dikgohlano tsa tsona tsa matjhaba ka ditsela tsa kgotso ka mokgwa o sa tlo beha kotsing kgotso le tshireletso le toka tsa matjhaba.

4. Ditho tsohle di tla qoba, dikamanong tsa tsona tsa matjhaba, tshosetso kapa tshebediso ya matla kgahlanong le lefatshe la naha efe kapa efe kapa boipuso ba sepolotiki ba yona, kapa ka tsela efe kapa efe e sa ikamahanyeng le Merero ya Matjhaba a Kopaneng.

5. Ditho tsohle di tla fa Matjhaba a Kopaneng thuso yohle ketsong efe kapa efe eo a e nkang ho latela Tjhatha ya hajwale, mme di tla qoba ho fana ka thuso naheng e nngwe eo kgahlanong le yona Matjhaba a Kopaneng a nkileng kgato ya thibelo kapa kgato ya kotlo.

6. Mokgatlo o tla netefatsa hore dinaha tseo e seng ditho tsa Matjhaba a Kopaneng di sebetsa ho latela Maano ana kahohle ka moo ho ka hlokehang bakeng sa ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba.

7. Ho ho letho le teng ho Tjhatha ya hajwale le tla fana ka matla ho Matjhaba a Kopaneng ho kena dipakeng ditabeng tseo sebopeho sa tsona se leng mabapi le dintho tse etsahalang kahara mebuso efe kapa efe boyona kapa se tla hloka Ditho ho teka ditaba tse jwalo bakeng sa tharollo tlasa Tjhatha ya hajwale; empa leano lena ha le na ho sitisa tshebediso ya mehato ya kotlo tlasa Chapter VII.

Page 3: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

KGAOLO YA II

DITHO

Athikele ya 3

Ditho tsa motheo sa Matjhaba a kopaneng e tla ba dinaha tseo, hobane di nkile karolo Sebokeng sa Matjhaba a Kopaneng se Thehileng Mokgatlo wa Matjhaba San Francisco, kapa tse ileng tsa saena Boikano ba Matjhaba a Kopaneng ba la 1 Pherekgong 1942, di saena Tjhatha ya hajwale le ho e tiisa ho latela Article 110.

Athikele ya 4

1. Botho ba Matjhaba a Kopaneng jwale bo buletswe dinaha tse ding tse ratang kgotso tse amohelang maitlamo a hlalositsweng ho Tjhatha ya hajwale le, kahlolo ya Mokgatlo, mme di kgona le ho ikemisetsa ho phethahatsa maitlamo ana.

2. Kamohelo ya naha e jwalo bothong ba Matjhaba e tla phethahatswa ka qeto ya Seboka se Akaretsang ka kgothaletso ya Lekgotla la Tshireletso.

Athikele ya 5

Setho sa Matjhaba a Kopaneng seo kgahlanong le sona kgato ya thibelo kapa ya kotlo e nkuweng ke Lekgotla la Tshireletso e ka amohuwa nakwana tokelo ya yona ya ho sebedisa ditokelo le menyetla tseo e nang le tsona ke Seboka se Akaretsang ka kgothaletso ya Lekgotla la Tshireletso. Tshebediso ya ditokelo le menyetla tsena e ka busetswa ke Lekgotla la Tshireletso.

Athikele ya 6

Setho sa Matjhaba a Kopaneng se robileng mme se tswelapele ho roba Maano a ho Tjhatha ya hajwale se ka tebelwa Mokgatlong ke Seboka se Akaretsang ka kgothaletso ya Lekgotla la Tshireletso.

KGAOLO YA III

DIKAROLO

Athikele ya 7

1. Ho thehilwe e le dikarolo tse ka sehloohong tsa Matjhaba a Kopaneng: Seboka se Akaretsang, Lekgotla la Tshireletso, Lekgotla la Moruo le Thekolohelo, Lekgotla la Botshwaredi, Lekgotla la Toka la Matjhaba, le Lefapha la Bongodi.

2. Dikarolo tse nyane tseo ho ka fumanwang di hlokeha di ka thehwa ho latela Tjhatha ya hajwale.

Page 4: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 8

Matjhaba a Kopaneng a ke ke a beha dithibelo tsa letho tshwanelehong ya banna le basadi ho nka karolo ka sebopeho sefe kapa sefe le tlasa maemo a tekano dikarolong tsa wona tse ka sehloohong le tse nyane.

KGAOLO YA IV

SEBOKA SE AKARETSANG

Popeho:

Athikele ya 9

1. Seboka se Akaretsang se tla botjwa ka Ditho tsohle tsa Matjhaba a Kopaneng.

2. Setho ka seng se tla ba le ditho tse sa feteng bohlano ka Sebokeng se Akaretsang.

Ditshebetso le Matla

Athikele ya 10

Seboka se Akaretsang se ka tshohla dipotso dife kapa dife kapa ditaba dife kapa dife tse welang tlasa bodisa ba Tjhatha ya hajwale kapa tse mabapi le matla le ditshebetso tsa dikarolo dife kapa dife tse hlomamisitsweng ho latela Tjhatha ya hajwale, le, ntle le moo ho hlakisitsweng ho Article 12, ho etsa dikgothaletso ho Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng kapa ho Lekgotla la Tshireletso kapa ho tsona bobedi mabapi le dipotso kapa ditaba tse jwalo.

Athikele ya 11

1. Seboka se Akaretsang se ka sekaseka maano a akaretang a tshebedisano tswelletsong ya kgotso le tshireletso ya matjhaba, ho kenyeletswa maano a laolang peho-fatshe ya dihlomo le taolo ya dihlomo, mme se ka etsa dikgothaletso tse mabapi le maano a jwalo ho Ditho kapa ho Lekgotla la Tshireletso kapa ho bobedi ba tsona.

2. Seboka se Akaretsang se ka tshohla dipotso tse mabapi le tswelletso ya kgotso le tshireletso dipakeng tsa matjhaba tse tlisitsweng kapele ho sona ke Setho sefe kapa sefe sa Matjhaba a Kopaneng, kapa ke Lekgotla la Tshireletso, kapa ke naha eo e seng Setho sa Matjhaba a Kopaneng ho latela Article 35, serapa sa 2, le, ntle le ha ho hlalositswe ka tsela e nnwge ho Article 12, se ka etsa dikgothaletso mabapi le dipotso dife kapa dife tse jwalo ho naha kapa dinaha tse amehang kapa ho Lekgotla la Tshireletso kapa ho bobedi ba tsona. Potso efe kapa efe e jwalo eo kgato e hlokehang ho yona e tla fetisetswa ho Lekgotla la Tshireletso ke Seboka se Akaretsang pele kapa kamora ho tshohlwa.

3. Seboka se Akaretsang se ka tsebisa Lekgotla la Tshireletso ka maemo a nang le monyetla o behang kotsing kgotso le tshireletso ya matjhaba.

Page 5: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

4. Matla a Seboka se Akaretsang jwalo ka ha a boletswe Athikeleng ena a ke ke a beha tekanyetso kakaretsong ya matla a Article 10.

Athikele ya 12

1. Ha Lekgotla la Tshireletso le phetha mabapi le kgohlano kapa boemo bofe kapa bofe ditshebetso tseo le di abetsweng tlasa Tjhatha ya hajwale, Seboka se Akaretsang se ke ke sa etsa kgothaletso efe kapa efe mabapi le kgohlano kapa boemo boo ntle le haeba Lekgotla la Tshireletso le kopa jwalo.

2. Mongodi-Kakaretso, ka tumelo ya Lekgotla la Tshireletso, o tla tsebisa Seboka se Akaretsang kopanong efe kapa efe mabapi le ditaba tse ka amang kgotso le tshireletso ya matjhaba tse ntseng di sekasekwa ke Lekgotla la Tshireletso le ho tsebisa ka tsela e tshwanang Seboka se Akaretsang, kapa Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng haeba Seboka se Akaretsang se sa kopana, hanghang ha Lekgotla la Tshireletso le emisa ho sebetsana le ditaba tse jwalo.

Athikele ya 13

1. Seboka se Akaretsang se tla qala diphuputso le ho etsa dikgothaletso ka maikemisetso a:

a. ho kgothaletsa tshebedisano ya matjhaba lepatlelong la tsa dipolotiki le ho kgothaletsa ntshetsopele e tswellang ya molao wa matjhaba le tlhomamiso ya wona; b. ho phahamisa tshebedisano ya matjhaba mafapheng a tsa moruo, setjhaba, botjhaba, thuto, le bophelo, le ho thusa phihlellong ya ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa motheo bakeng sa bohle ntle le kgethollo ya morabe, bong, puo, kapa bodumedi.

2. Maikarabello a tlatseletso, ditshebetso le matla tsa Seboka se Akaretsang tse mabapi le ditaba a boletswe serapeng sa ) kahodimo mona a tekilwe Kgaolong ya IX le X.

Athikele ya 14

Ka ho ipapisa le dipehelo tsa Article 12, Seboka se Akaretsang se ka kgothaletsa mehato ya tsitsiso ya kgotso ya boemo bofe kapa bofe, boo se bonang bo na le monyetla wa ho senya moya wa botsitso kapa setswalle dipakeng tsa matjhaba, ho kenyeletswa maemo a bakang ho rojwa ha dipehelo tsa Tjhatha ya hajwale e tekileng Merero le Maano a Matjhaba a Kopaneng.

Athikele ya 15

1. Seboka se Akaretsang se tla amohela le ho sekaseka ditlaletso tsa selemo le selemo le tse kgethehileng ho tswa Lekgotleng la Tshireletso; ditlaleho tsena di kenyeletsa tekodiso ya mehato eo Lekgotla la Tshireletso le entseng diqeto mabapi le yona kapa le e nkilweng ho tswelletsa kgolo le tshireletso ya matjhaba.

2. Seboka se Akaretsang se tla amohela le ho sekaseka ditlaleho tse tswang dikarolong tse ding tsa Matjhaba a Kopaneng.

Page 6: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 16

Seboka se Akaretsang se tla phetha ditshebetso tse jwalo mabapi le moralo wa botshwaredi ba matjhaba ho latela ka moo se bo abetsweng tlasa Dikgaolo tsa XII le XIII, ho kenyeletswa le kananelo ya ditumellano tsa botshwaredi bakeng sa dibaka tse sa hlwauwang e le tse hlokolotsi.

Athikele ya 17

1. Seboka se Akaretsang se tla sekaseka le ho ananela bajete ya Mokgatlo.

2. Ditjeho tsa Mokgatlo di tla jarwa ke Ditho ho latela dikabelo tsa tsona tse laotsweng ke Seboka se Akaretsang.

3. Seboka se tla sekaseka le ho ananela ditlhophiso dife kapa dife tsa ditjhelete le bajete mmoho le makalana a kgethehileng a boletsweng ho Article 57 mme se tla hlahloba dibajete tsa tsamaiso tsa makalana ao a kgethehileng ka tjhebo ya ho etsa dikgothaletso ho makalana a amehang.

Ho vouta

Athikele ya 18

1. Setho ka seng sa Seboka se Akaretsang se tla ba le voutu e le nngwe.

2. Diqeto tsa Seboka se Akaretsang tse hodima dipotso tsa bohlokwa di tla etswa ka bongata ba pedi borarong ba ditho tse teng tse voutang. Dipotso tsena di tla kenyeletsa: dikgothaletso tse mabapi le tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba, ho kgethwa ha ditho tse seng tsa kamehla tsa Lekgotla la Tshireletso, ho kgethwa ha ditho tsa Lekgotla la tsa Moruo le Thekolohelo, ho kgethwa ha ditho tsa Lekgotla la Botshwaredi ho latela serapa sa 1 sa Athikele ya 86, kamohelo ya Ditho tse ntjha ho Matjhaba a Kopaneng, ho fanyehwa nakwana ha ditokelo le menyetla ya botho, ho tebelwa ha Ditho, dipotso tse mabapi le tshebetso ya moralo wa botshwaredi, le dipotso tse mabapi le bajete.

3. Diqeto tse mabapi le dipotso tse ding, ho kenyeletswa ho hlotjhwa ha mekgahlelo ya dipotso tsa tlatsetso tse lokelang ho nkelwa diqeto ka bongata ba pedi borarong, di tla etswa ke bongata ba ditho tse teng mme di vouta.

Athikele ya 19

Setho sa Matjhaba a Kopaneng se saletseng morao ka ditefello tsa ditlatsetso tsa botho ba sona Mokgatlong se ke ke sa kgona ho vouta Sebokeng se Akaretsang haeba tjhelete eo se saletseng morao ka yona e lekana kapa e feta ditlatsetso tseo e lokelang ho di lefa nakong ya dilemo tse pedi tse tletseng tse tlang. Seboka se Akaretsang, leha ho le jwalo, se ka dumella Setho ho vouta haeba se kgotsofetse hore ho hloleha ha sona ho lefa ke ka mabaka a seng taolong ya Setho seo.

Mokgwatshebetso

Athikele ya 20

Page 7: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Seboka se Akaretsang se tla kopana dikopanong tsa nako le nako ka selemo le dikopanong tse kgethehileng haeba ho na le tlhokeho ya kopano e jwalo. Dikopano tse kgethehileng di tla bitswa ke Mongodi-Kakaretso ka kopo ya Lekgotla la Tshireletso kapa bongata ba Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng.

Athikele ya 21

Seboka se Akaretsang se tla ithehela melawana ya mekgwatshebetso ya sona. Se tla ikgethela moPresidente wa sona bakeng sa kopano ka nngwe.

Athikele ya 22

Seboka se Akaretsang se ka theha dikarolwana tse nyane jwalo ka ha se bona ho hlokeha bakeng sa ho phethwa ha ditshebetso tsa sona.

KGAOLO YA V

LEKGOTLA LA TSHIRELETSO

Popeho:

Athikele ya 23

1. Lekgotla la Tshireletso le tla botjwa ka Ditho tse leshome le metso e mehlano tsa Matjhaba a Kopaneng. Riphaboliki ya China, Fora, Naha ya Kopano ya Bososhiale ya Soviet, Puso ya Kopano ya Borena ya Brithani le Ireland Leboya, le Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika e tla ba ditho tsa kamehla tsa Lekgotla la Tshireletso. Seboka se Akaretsang se tla kgetha Ditho tse ding tse leshome tsa Matjhaba a Kopaneng ho ba ditho tse seng tsa kamehla tsa Lekgotla la Tshireletso, moo ho tla elwa hloko ka tsela e kgethehileng, tabeng ya pele tlatsetso eo Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng di e etsang tswelletsong ya kgotso le tshireletso ya matjhaba le mererong e meng ya Mokgatlo, le hape ho latela tekatekano boholong ba dinaha.

2. Ditho tse seng tsa kamehla tsa Lekgotla la Tshireletso di tla kgethelwa sehla sa dilemo tse pedi. Kgethong ya pele ya ditho tseo e seng tsa nako yohle kamora ho eketswa ha ditho ke Lekgotla la Tshireletso ho tloha ho leshome le motso o mong ho ya ho leshome le metso e mehlano, tse pedi ho ditho tse nne tsa tlatsetso di tla kgethwa bakeng sehla sa selemo se le seng. Setho se behang meja fatshe se ke ke sa kgethwa hape dikgethong tse latelang hanghang.

3. Setho ka seng sa Lekgotla la Tshireletso se tla ba le moemedi a le mong.

Page 8: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Ditshebetso le Matla

Athikele ya 24

1. E le ho netefatsa hore kgato e potlakileng mme e atlehileng e a nkuwa ke Matjhaba a Kopaneng, Ditho tsa yona di nehelana ho Lekgotla la Tshireletso boikarabello ba motheo ba ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba, mme di dumela hore ha le phethahatsa tshebetso ya lona tlasa boikarabello bona Lekgotla la Tshireletso le sebetsa lebitsong la tsona.

2. Ho phethahatseng mesebetsi ya lona Lekgotla la Tshireletso le tla sebetsa ho latela Merero le Maano a Matjhaba a Kopaneng. Matla a qollehileng a fanweng ho Lekgotla la Tshireletso hore le phethahatse ditshebetso tsa lona a tekilwe Dikgaolong tsa VI, VII, VIII, le XII.

3. Lekgotla la Tshireletso le tla romela ditlaleho tsa selemo le selemo le, moo ho hlokehang, ditlaleho tse kgethehileng ho Seboka se Akaretsang bakeng sa ho sekasekwa.

Athikele ya 25

Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng di dumela ho amohela le ho phethahatsa diqeto tsa Lekgotla la Tshireletso ho latela Tjhatha ya hajwale.

Athikele ya 26

E le ho phahamisa le ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba ka tshebediso e fokolang haholo ya dihlomo letlotlong la setjhaba le moruong wa lefatshe, Lekgotla la Tshireletso le tla ikarabella bakeng sa ho rala, ka thuso ya Komiti ya Basebetsi ba Mabotho a Hlometseng e boletsweng ho Article 47, merero e tla nehelanwa ho Matjhaba a Kopaneng bakeng sa ho thehwa ha moralo wa taolo ya dihlomo.

Ho vouta

Athikele ya 27

1. Setho ka seng sa Lekgotla la Tshireletso se tla ba le voutu e le nngwe.

2. Diqeto tsa Lekgotla la Tshireletso ditabeng tse mabapi le mokgwatshebetso di tla etswa ka voutu ya tiiso ya ditho tse robong.

3. Diqeto tsa Lekgotla la Tshireletso ditabeng tsohle di tla etswa ka voutu ya tiiso ya ditho tse robong ho kenyeletswa divoutu tsa tshehetsano tsa ditho tsa nako yohle; ha feela, diqetong tse tlasa Chapter VI, le serapeng sa 3 sa Article 52, lehlakore le nang le seabo kgohlanong le sa tlo vouta.

Page 9: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Mokgwatshebetso

Athikele ya 28

1. Lekgotla la Tshireletso le tla hlophiswa ka tsela eo le tla kgona ho sebetsa ka tsela e tswellang. Setho ka seng sa Lekgotla la Tshireletso bakeng sa morero ona se tla emelwa ke moemedi ka dinako tse ding kopanong ya Mokgatlo.

2. Lekgotla la Tshireletso le tla tshwara dikopano tseo ho tsona ditho tsa lona, haeba di lakatsa jwalo, di tla emelwa ke setho sa mmuso kapa moemedi e mong ya thontsweng ka ho kgetheha.

3. Lekgotla la Tshireletso le ka tshwara dikopano dibakeng tse ding ntle ho tulong ya lona Mokgatlong moo ho ya ka tjhebo ya lona sena se tla thusa mosebetsi wa lona ka ho fetisisa.

Athikele ya 29

Lekgotla la Tshireletso le ka theha dikarolwana tse nyane ka moo le bonang ho hlokeha bakeng sa ho phetha ditshebetso tsa lona.

Athikele ya 30

Lekgotla la Tshireletso le tla ithehela melawana ya lona ya tshebetso, ho kenyeletswa mokgwa wa ho kgetha moPresidente wa lona.

Athikele ya 31

Setho sefe kapa sefe sa Matjhaba a Kopaneng seo e seng setho sa Lekgotla la Tshireletso se ka nka karolo, ntle le ho vouta, dipuisanong tse mabapi le potso efe kapa efe e tekilweng kapele ho Lekgotla la Tshireletso nako efe kapa efe eo lekgotla le bonang hore ditabatabelo tsa Setho seo di ameha ka ho kgetheha.

Athikele ya 32

Setho sefe kapa sefe sa Matjhaba a Kopaneng seo e seng Setho sa Lekgotla la Tshireletso kapa naha efe kapa efe eo e seng Setho sa Matjhaba a Kopaneng, haeba se na le seabo kgohlanong e sekasekwang ke Lekgotla la Tshireletso, se tla mengwa ho nka karolo, ntle le ho vouta, dipuisanong tse mabapi le kgohlano eo. Lekgotla la Tshireletso le tla beha dipehelo tseo le bonang di lokeleha bakeng sa ho nka karolo ha naha eo e seng Setho sa Matjhaba a Kopaneng.

Page 10: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

KGAOLO YA VI

THAROLLO YA DIKGOHLANO NTLE LE TSHEBEDISO YA MATLA

Athikele ya 33

1. Mahlakore a dikgohlanong dife kapa dife, tseo ho tswelapele ha tsona ho nang le monyetla wa ho tshosetsa tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba, di tla, pele ho tsohle, batla tharollo ka ditherisano, dikeletso, bonamodi, poelanyo, kahlolelo, tharollo ya makgotla a molao, ho leba ditheong tsa ditikoloho tsa tsona kapa ditlhophisong tse ka etswang, kapa ho mekgwa e meng ya kgotso ya kgetho ya wona.

2. Lekgotla la Tshireletso, ha le bona ho hlokeha, le tla laela mahlakore a dikgohlanong ho rarolla kgohlano ya wona ka ditsela tse boletsweng.

Athikele ya 34

Lekgotla la Tshireletso le ka fuputsa kgohlano efe kapa efe, kapa boemo bofe kapa bofe bo ka lebisang qakeng ya matjhaba kapa ba baka kgohlano, ka sepheo sa ho fumana hore na ho tswelapele ha kgohlano kapa boemo boo ho ka beha tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba kotsing.

Athikele ya 35

l. Setho sefe kapa sefe sa Matjhaba a Kopaneng se ka tlisa kgohlano, kapa boemo bofe kapa bofe ba sebopeho se boletsweng ho Article 34, kapele ho Lekgotla la Tshireletso kapa Seboka se Akaretsang.

2. Naha eo e seng Setho sa Matjhaba a Kopaneng se ka tlisa kapele ho Lekgotla la Tshireletso kapa Seboka se Akaretsang kgohlano efe kapa efe eo naha e jwalo e leng karolo kgohlanong eo haeba e amohela e sa le pele hore, bakeng sa merero ya kgohlano eo, maitlamo a yona a ho rarolla kgohlano eo ka mekgwa ya kgotso a tekilwe ho Tjhatha ya hajwale.

3. Mokgwatshebetso wa Seboka se Akaretsang mabapi le ditaba tse tekilweng kapele ho sona tlasa Athikele ena o tla laolwa ke dipehelo tsa Diathikele tsa 11 le 12.

Athikele ya 36

1. Lekgotla la Tshireletso, boemong bofe kapa bofe ba kgohlano e boletsweng ho Athikele ya Article 33 kapa boemong ba sebopeho se tshwanang, le tla kgothaletsa mekgwatshebetso e lokelang kapa mekgwa ya tokiso.

2. Lekgotla la Tshireletso le tlameha ho ela hloko mekgwatshebetso efe kapa efe bakeng sa tharollo ya kgohlano e seng e nkilwe ke mahlakore.

3. Ho etseng Dikgothaletso tlasa Athikele ena Lekgotla la Tshireleteso le tlameha hape ho ela hloko hore dikgohlano tsa molao ka tlwaelo e akaretsang di tlameha ho fetisetswa ke mahlakore a dikgohlanong ho Lekgotla la Toka la Matjhaba ho latela dipehelo tsa Molao wa Lekgotla lena.

Page 11: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 37

1. Haeba mahlakore a dikgohlanong tsa sebopeho se boletsweng ho Article 33 a hloleha ho rarolla kgohlano ka mekgwa e boletsweng ho Athikele eo, a tla e fetisetsa ho Lekgotla la Tshireletso.

2. Haeba Lekgotla la Tshireletso le bona hore ho tswelapele ha kgohlano eo ho na le monyetla wa ho beha kotsing tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba, le tla etsa qeto e mabapi le hore na le nke kgato tlasa Athikele ya 36 kapa le kgothaletse dipehelo tsa tharollo tseo le ka fumanang di lokeleha.

Athikele ya 38

Ntle le ho thunthetsa dipehelo tsa Athikele ya 33 ho fihla ho 37, Lekgotla la Tshireletso, haeba mahlakore a kgohlanong a kopa jwalo, le ka etsa dikgothaletso ho mahlakore ao ka tjhebo ya ho rarolla kgohlano ka ditsela tsa kgotso.

KGAOLO YA VII

KGATO MABAPI LE DITSHOSETSO TSA KGOTSO, TSHENYO YA KGOTSO, LE DIKETSO TSA DIKGOKA

Athikele ya 39

Lekgotla la Tshireletso le tla batlana le boteng ba tshosetso efe kapa efe ya kgotso, tshenyo ya kgotso, kapa ketso ya dikgoka mme le tla etsa dikgothaletso, kapa le etse qeto ya hore ke mehato efe e tla nkuwa ho latela Diathikele tsa 4 le 42, ho tswelletsa le ho busetsa kgotso le tshireletso ya matjhaba.

Athikele ya 40

E le ho thibela mpefalo ya boemo, Lekgotla la Tshireletso, pele le ka etsa dikgothaletso dife kapa dife kapa le ka nka qeto mabapi le mehato e fanweng ho Article 39, le ka laela mahlakore a amehang ho ikamahanya le mehato ya nakwana eo le ka bonang e hlokeha kapa e tshwaneleha. Mehato e jwalo ya nakwana e tla nkuwa ntle le ho thunthetsa ditokelo, ditseko, kapa boemo ba mahlakore a amehang. Lekgotla la Tshireletso le tla ela hloko ka tshwanelo ho hloleha ho ikamahanya le dipehelo le mehato e jwalo.

Athikele ya 41

Lekgotla la Tshireletso le ka nka qeto ya hore ke mahato efe e sa hlokeng tshebediso ya mabotho a hlometseng e ka sebediswang ho phethahatsa diqeto tsa lona, mme le ka laela Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng ho sebedisa mehato e jwalo. Yona e kenyeletsa kemiso ya karolo kapa kemiso e phethahetseng dikamanong tsa moruo le tsa diterene, dikepe, difofane, poso, marangrang a mehala, radio, le mekgwa e meng ya kgokahano, le ho kgaolwa ha maqhama a boqosa.

Page 12: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 42

Haeba Lekgotla la Tshireletso le bona hore mehato e fanweng ho Article 41 e ke ke ya lekana kapa e fumanwe e sa lekana, le ka nka kgato ka mabotho a moyeng, lewatleng, kapa a fatshe ka moo ho ka hlokehang ho busetsa kgotso le tshireletso ya matjhaba. Kgato e jwalo e kenyeletsa dipontsho tsa nyatso, dithibella, le matsholo a mang a mabotho a moyeng, lewatleng, kapa a fatshe a Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng.

Athikele ya 43

1. Ditho tsohle tsa Matjhaba, e le ho tlatsetsa tswelletsong ya kgotso le tshireletso ya matjhaba, di itlama ho nehelana ho Lekgotla la Tshireletso, ka kopo ya lona le ho latela tumellano kapa ditumellano tse kgethehileng, mabotho a hlometseng, thuso, le ditsi tsa tsona, ho kenyeletswa ditokelo tsa ho parola naha, tse ka hlokehang morerong wa ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba.

2. Tumellano kapa ditumellano tse jwalo di tla laolwa ke dipalo le mefuta ya mabotho, maemo a tsona a ho ba malala-a-laotswe le tulo eo a leng ho yona, mmoho le sebopeho sa ditsi le thuso tse ka fanwang.

3. Tumellano kapa ditumellano di tla rerisanwa kapele ka moo ho kgonehang ka tshisinyo ya Lekgotla la Tshireletso. Di tla etswa dipakeng tsa Lekgotla la Tshireletso le Ditho kapa dipakeng tsa Lekgotla la Tshireletso le dihlopha tsa Ditho mme di tla lokela ho tiiswa ke dinaha tse lokelang ho di saena ho latela ditshebetso tsa melaotheo ya tsona.

Athikele ya 44

Ha Lekgotla la Tshireletso le entse qeto ya ho sebedisa matla, pele le kopa Setho se sa emelwang ho lona ho fana ka mabotho a hlometseng phethahatsong ya maitlamo a sona tlasa Athikele ya 43, le tla mema Setho seo, haeba Setho se jwalo se batla, ho nka karolo diqetong tsa Lekgotla la Tshireletso tse mabapi le ho sebediswa ha karolo ya mabotho a hlometseng a naha eo e leng Setho.

Athikele ya 45

E le ho kgonahatsa hore Matjhaba a nka mehato e potlakileng ya sesole, Ditho di tla romela dikarolo tsa mabotho a moyeng tse fumanehang hanghang bakeng sa letsholo la kgalemo le kopanetsweng la matjhaba. Matla le boemo ba malala-a-laotswe tsa dikarolwana tsena tsa mabotho le merero ya matsholo ana a kopantsweng di tla lekanngwa, ho ba kahara meedi e tekilweng fatshe tumellanong kapa ditumellanong tse kgethehileng tse boletsweng ho Athikele ya 43, ke Lekgotla la Tshireletso ka thuso ya Komiti ya Sesole.

Athikele ya 46

Merero ya tshebediso ya mabotho a hlometseng e tla etswa ke Lekgotla la Tshireletso ka thuso ya Komiti ya Basebetsi ba Sesole.

Page 13: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 47

1. Ho tla thehwa Komiti ya Basebetsi ba Sesole ho eletsa le ho thusa Lekgotla la Tshireletso mabapi le dipotso tse amang ditlhoko tsa sesole tsa Lekgotla la Tshireletso bakeng sa tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba, ho romelwa le ho laolwa ha mabotho a lokolletsweng Lekgotla, taolo ya dihlomo, le kgonahalo ya peho-fatshe ya dihlomo.

2. Komoti ya Basebetsi ba Sesole e bopilwe ka Baokamedi ba Mabotho a ditho tsa nako yohle tsa Lekgotla la Tshireletso kapa baemedi ba bona. Setho sefe kapa sefe sa Matjhaba a Kopaneng se se nang boemedi ba nako yohle ba Komiti ena se tla mengwa ke Komiti ho ba le kamano le yona ha phethahatso e atlehileng ya maikarabello a Komiti e hloka bonkakarolo ba Setho seo.

3. Komiti ya Basebetsi ba Sesotho e ikarabella tlasa Lekgotla la Tshireletso bakeng sa taolo ya meralo ya tshebetso bakeng sa mabotho afe kapa afe a behilweng tlasa bolaodi ba Lekgotla la Tshireletso. Dipotso tse mabapi le taolo ya mabotho a jwalo e tla sebetswa kamorao ho moo.

4. Komiti ya Basebetsi ba Sesole, ka tumello ya Lekgotla la Tshireletso le kamora ditherisano le makalana a lokelang ditikolohong tse amehang, e ka theha dikomiti tse nyane.

Athikele ya 48

1. Kgato e hlokehang ho phethahatsa diqeto tsa Lekgotla la Tshireletso bakeng sa tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba e tla nkuwa ke Ditho tsohle tsa Matjhaba a Kopaneng kapa ke ba bang ba bona, ho latela ka moo Lekgotla la Tshireletso le ka laolang ka teng.

2. Diqeto tse jwalo di tla nkuwa ke Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng ka kotloloho le ka ketso ya tsona makalaneng a lokelang a matjhaba ao di leng ditho tsa wona.

Athikele ya 49

Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng di tla kopana ho fana ka thusano ho phethahatseng mehato e nkuweng ke Lekgotla la Tshireletso.

Athikele ya 50

Haeba mehato ya thibelo kapa kotlo kgahlanong le naha efe kapa efe e nkuwa ke Lekgotla la Tshireletso, naha efe kapa efe e nngwe, ekaba Setho kapa e se Setho sa Matjhaba a Kopaneng, e iphumanang e tobane le mathata a kgethehileng a moruo ka lebaka la ho nkwan ha mehato ena e tla ba le tokelo ya ikopanya le Lekgotla la Tshireleretso mabapi le tharollo ya mathata ao.

Athikele ya 51

Ha ho letho ho Tjhatha ya hajwale le tla senya tokelo e teng ya dinaha ka bo-mong kapa tse ikopantseng ho itshireletsa haeba ho ba le tlhaselo kgahlanong le Setho sa Matjhaba a Kopaneng, ho fihlela Lekgotla la

Page 14: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Tshireletso le nkile mehato e hlokehang ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba. Mehato e nkuwang ke Ditho phethahatsong ya tokelo ya tsona ya boitshireletso e tla tlalehwa hanghang ho Lekgotla la Tshireletso mme e ke ke ya ama ka tsela efe kapa efe matla le boikarabello ba Lekgotla la Tshireletso tlasa Tjhatha ya hajwale ho nka ka nako efe kapa efe kgato eo le fumanang e hlokeha hore le tswelletse kgotso le tshireletso ya matjhaba.

Kgaolo ya VIII

DITLHOPHISO TSA DITIKOLOHO

Athikele ya 52

1. Ha ho letho ho Tjhatha ya hajwale le thibelang boteng ba ditlhophiso tla ditikoloho kapa makalana mabapi le ho sebetsana le ditaba tse jwalo ka tse amang tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba jwalo ka ha ho tshwaneleha matsholong a ditikoloho, ha feela ditlhophiso kapa makalana a jwalo le ditshebetso tsa wona di ikamahanya le Merero ya Maano a Matjhaba a Kopaneng.

2. Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng tse kenang ditlhophisong tse jwalo kapa tse thehang makalana a jwalo di tla etsa maiteko ohle ho fihlella tharollo ya dikgohlano ka kgotso ho latela ditlhophiso tse jwalo tsa ditikoloho pele di di fetisetsa ho Lekgotla la Tshireletso.

3. Lekgotla la Tshireletso le tla kgothaletsa ho thehwa ha ditharollo tsa dikgohlano tsa lehae ka kgotso ka ho sebedisa ditlhophiso tse jwalo ka ditikoloho ekaba ka tshisinyo ya dinaha tse amehang kapa ka phetisetso ya Lekgotla la Tshireleso.

4. Athikele ena ha e sistise ka tsela efe kapa efe Diathikele tsa 34 le 35.

Athikele ya 53

1. Lekgotla la Tshireletso, moo ho lokelang, le tla sebedisa ditlhophiso tsa ditikoloho kapa makalana bakeng sa ho phethahatsa dikgato tse matleng a lona. Empa ha ho kgato ya phethahatso e tla nkuwa tlasa ditlhophiso tsa ditikoloho kapa ke makalana ntle le tumello ya Lekgotla la Tshireletso, ntle ho mehato e kgahlanong le naha ya sera, jwalo ka ha e hlalositswe serapeng sa 2 sa Athikele ena, e fanweng mabapi le Article 107 kapa ditlhophisong tsa tikoloho tse entsweng kgahlanong le tsoseletso ya leano la dikgoka ke naha efe kapa efe e jwalo, ho fihlela nako eo Mokgatlo, ka kopo ya Mebuso e amehang, e fuwa boikarabello ba ho thibela tswelletso ya dikgoka ke naha e jwalo.

2. Lentswe lena sera le sebedisitswe serapeng sa 1 sa Athikele ena ho bolela naha eo Ntweng ya Lefatshe ya Bobedi e bileng sera sa setho sefe kapa sefe se sanneng Tjhatha ya hajwale.

Page 15: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 54

Lekgotla la Tshireletso ka dinako tsohle le tla dula le behilwe leseding mabapi le diketso tse nkuwang kapa tse loothwang tlasa ditlhophiso tsa ditikoloho kapa ke makalana a ditikoloho bakeng sa tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba.

KGAOLO YA IX

TSHEBEDISANO HO TSA MORUO LE THEKOLOHELO

Athikele ya 55

Ka tjhebo ya ho theha maemo a botsitso le bophelo bo atlehileng tse hlokehang bakeng sa dikamano tsa kgotso le setswalle hara matjhaba tse thehilweng hodima tlhompho ya leano la tekanyo ya ditokelo le boitherelo ba dinaha, Matjhaba a Kopaneng a tla kgothaletsa:

a. maemo a phahameng a bophelo, kgiro e phethahetseng, le maemo a moruo le ntshetsopele ya moruo le thekolohelo ya setjhaba;

b. ditharollo tsa mathata a matjhaba a amang tsa moruo, thekolohelo, le bophelo; le tshebedisano ya matjhaba ya tsa botjhaba le thuto; le

c. tlhomho e akaretsang bakeng sa, le tumello ya, ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa motheo bakeng sa bohle ntle le kgethollo ya morabe, bong, puo, kapa bodumedi.

Athikele ya 56

Ditho tsohle di ikabela ho nka kgato ka kopanelo le ka karohano tshebedisanong le Mokgatlo bakeng sa phihlello ya merero e boletsweng ho Article 55.

Athikele ya 57

1. Makalana a kgethehileng ka ho fapana ha wona, a thehilweng ka tumellano ya mebuso mme a nang le maikarabello a pharaletseng a matjhaba, jwalo ka ha ho hlalositswe ditokomaneng tsa wona tsa motheo mafapheng a moruo, thekolohelo, botjhaba, thuto, bophelo, le mafapaheng a amanang le wona, a tla tliswa kamanong le Matjhaba a Kopaneng ho latela dipehelo tsa Article 63.

2. Makanala a jwalo ha a se a tlisitswe kamanong le Matjhaba a Kopaneng ho tloha mona a tla bitswa makalana a kgethehileng.

Athikele ya 58

Mokgatylo o tla etsa dikgothaletso bakeng sa kgokahanyo ya maano le ditshebetso tsa makalana a kgethehileng.

Page 16: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 59

Mokgatlo, moo ho hlokehang, o tla thakgola ditherisano hara dinaha tse amehang bakeng sa ho thehwa ha makalana a kgethehileng a matjha a hlokehang ho ka fihlella merero e boletsweng ho Article 55.

Athikele ya 60

Boikarabello bakeng sa ho phetha ditshebetso tsa Mokgatlo tse boletsweng Kgaolong ena bo tla abelwa Seboka se Akaretsang mme, tlasa bolaodi ba Seboka se Akaretsang, Lekgotleng la Moruo le Thekolohelo, ao bakeng sa morero ona a tla ba le matla a fanweng ho Kgaolo ya X.

KGAOLO YA X

LEKGOTLA LA MORUO LE THEKOLOHELO

Popeho:

Athikele ya 61

1. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le tla ba le Ditho tse mashome a mahlano le metso e mene tsa Matjhaba a Kopaneng tse kgethilweng ke Seboka se Akaretsang.

2. Ho latela dipehelo tsa serapa sa 3, ditho tse leshome le metso e robedi tsa Lekgotla la Moruo le Thekolohelo di tla kgethwa selemo ka seng bakeng sa sehla sa dilemo tse tharo. Setho se behang meja fatshe se ka kgethwa hape dikgethong tse latelang hanghang.

3. Kgethong ya pele kamora keketso ya ditho tsa Lekgotla la Moruo le Thekolohelo ho tloha ho mashome a mabedi le metso e supileng ho ya ho mashome a mahlano le metso e mene, ho tlatseletsa dithong tse kgethilweng sebakeng sa ditho tse robong tseo nako ya tsona ofising e fihlang pheletsong mafelong a selemo seo, ditho tse mashome a mabedi le metso e supileng di tla kgethwa. Hara ditho tsena tsa tlatsetso tse mashome a mabedi le metso e supileng, nako ya ofisi ya ditho tse robong tse kgethilweng jwalo e tla fihla pheletsong mafelong a selemo se le seng, mme ditho tse ding tse robong hape le tsona nako ya tsona e tla fihla pheletsong mafelong a dilemo tse pedi, ho latela ditlhophiso tse entsweng ke Seboka se Akaretsang.

4. Setho ka seng sa Lekgotla la Moruo le Thekolohelo se tla ba le moemedi a le mong.

Ditshebetso le Matla

Athikele ya 62

1. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le ka etsa kapa le qale diphuputso le ditlaleho tse mabapi le ditaba tse amang moruo, thekolohelo, botjhaba, le ditaba tse amanang le tsona boemong ba matjhaba le ho etsa dikgothaletso mabapi le ditaba tse jwalo ho Seboka se Akaretsang, ho Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng, le ho makalana a kgethehileng a amehang.

Page 17: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

2. Le ka etsa dikgothaletso bakeng sa merero ya ho phahamisa tlhompho bakeng sa, le tumellong ya ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa motheo tsa bohle.

3. Le ka hlophisa moralo o mabapi le dilekane tse tla nehelanwa ho Seboka se Akaretsang, mabapi le ditaba tse welang tlasa boikarabello ba lona.

4. Le ka bitsa, ho latela melawana e hlalositsweng ke Matjhaba a Kopaneng, diboka tsa matjhaba ditabeng tse welang tlasa boikarabello ba lona.

Athikele ya 63

1. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le ka kena ditumellanong le makalana afe kapa afe a boletsweng ho Article 57, ho hlakisa ditlhoko tseo lekalana le amehang le tla tliswa kamanong le Matjhaba a Kopaneng. Ditumellano tse jwalo di tla lokela ho fuwa tumello ke Seboka se Akaretsang.

2. Le ka hokahanya ditshebetso tsa makalana a kgethehileng ka therisano le ka dikgothaletso ho makalana a jwalo le ka dikgothaletso tsa Seboka se Akaretsang le ho Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng.

Athikele ya 64

1. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le ka nka mehato e lokelang ho fumana ditlaleho tsa nako le nako ho tswa makalaneng a kgethehileng. Le ka etsa ditlhophiso le Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng le makalana a kgethehileng ho fumana ditlaleho tse hodima mehato e nkilweng ho phethahatsa dikgothaletso tsa lona le dikgothaletso tse welang tlasa maikarabello a lona tse entsweng ke Seboka se Akaretsang.

2. Le ka tsebisa mabapi le diphumano tsa lona ditlalehong tsena ho Seboka se Akaretsang.

Athikele ya 65

Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le ka fana ka tlhahisoleseding ho Lekgotla la Tshireletso mme le tla thusa Lekgotla la Tshireletso ka kopo ya lona.

Athikele ya 66

1. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le tla phetha ditshebetso tse welang tlasa maikarabello a lona mabapi le ho phethahatswa ha dikgothaletso tsa Seboka se Akaretsang.

2. Le ka nna, ka tumelo ya Seboka se Akaretsang, la phetha ditshebeletso ka kopo ya Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng le ka kopo ya makalana a kgethehileng.

3. Le tla phetha ditshebetso tse ding tse hlakisitsweng dikarolong tse ding tsa Tjhatha ya hajwale kapa ho latela ka moo le ka laelwang ka teng ke Seboka se Akaretsang.

Page 18: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Ho vouta

Athikele ya 67

1. Setho ka seng sa Lekgotla la Moruo le Thekolohelo se tla ba le voutu e le nngwe.

2. Diqeto tsa Lekgotla la Moruo le Thekolohelo di nkuwa ka bongata ba ditho tse teng mme tse voutang.

Mokgwatshebetso

Athikele ya 68

Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le tla theha dikhomishene mafapheng a tsa moruo le thekolohelo le bakeng sa ho matlafatswa ha ditokelo tsa botho, le dikhomishene tse ding tse ka hlokehang nako le nako ho phethahatsa ditshebetso tsa lona.

Athikele ya 69

Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le tla mema Setho sefe kapa sefe sa Matjhaba a Kopaneng ho nka karolo, ntle le ho vouta, ditherisanong tsa lona mabapi le taba e amang Setho se jwalo.

Athikele ya 70

Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le ka etsa ditlhophiso bakeng sa baemedi ba makalana a kgethehileng ho nka karolo, ntle le ho vouta, ditherisanong tsa lona le ho tsa dikhomishene tse thehilweng ke lona, le hore baemedi ba lona ba nke karolo ditherisanong tsa makalana a kgethehileng.

Athikele ya 71

Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le ka etsa ditlhophiso tse lokelang bakeng sa ditherisano le mekgatlo e seng ya mebuso e amehang mabapi le ditaba tse welang tlasa maikarabello a lona. Ditlhophiso tse jwalo di ka etswa le mekgatlo ya matjhaba le, moo ho lokelang, mekgatlo ya kahara dinaha kamora therisano le Setho sa Matjhaba a Kopaneng se amehang.

Athikele ya 72

1. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le tla ithehela melawana ya lona ya tshebetso, ho kenyeletswa mokgwa wa ho kgetha moPresidente wa lona.

2. Lekgotla la Moruo le Thekolohelo le tla kopana jwalo ka ha ho hlokeha ho latela melawana ya lona, e tla kenyeletsa pehelo ya ho tshwara dikopano ka kopo ya bongata ba ditho tsa lona.

Page 19: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

KGAOLO YA XI

BOIKANO BO MABAPI LE DIBAKA TSE SA IPUSENG

Athikele ya 73

Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng tse nang le maikarabello kapa tse nang le kabelo tsamaisong ya dibaka tseo ditjhaba tsa tsona di esong ho fumane tekano e feletseng ya boipuso di ananela leano la hore ditabatabelo tsa batho ba dibaka tsena di tla pele ho dintho tsohle, mme di amohela ka tiyo e sa thekeseleng hore di tla phethahatsa ka botlalo, kahara maano a kgotso le tshireletso ya matjhaba tse thehilweng ke Tjhatha ya hajwale, boitekanelo ba batho ba dibaka tsena, mme, ho fihlela sena:

a. ho netefatsa, ka boipapiso le botjhaba ba batho ba amehang, ntshetsopele ya dipolotiki tsa bona, moruo, le thuto ya bona, tshwaro ya bona ka toka, le tshireletso ya bona kgahlanong le ditlhekefetso;

b. ho theha boipuso, ho ela hloko ditabatabelo tsa sepolotiki tsa batho ba sona, le ho ba thusa ntshetsopeleng e tswellang ya ditsi tsa bona tse lokolohileng tsa sepolotiki, ho latela maemo a bona ka ho fapana bakeng sa sebaka ka seng le setjhaba sa sona le mekgahlelo eo ba leng ho yona ka ho fapana ya kgatelopele;

c. ho tswelletsa kgotso le tshireletso tsa matjhaba;

d. ho phahamisa mehato ya ntshetsopele, ho kgothaletsa dipatlisiso, le tshebedisano dipakeng tsa tsona le, ka nako le maemong a lokelang, ditheo tse kgethehileng tsa matjhaba ka tjhebo ya ho fihlella ka nnete merero ya thekolohelo, moruo, le mahlale jwalo ka ha di tekilwe Athikeleng ena; le

e. ho fetisetsa ka dinako ho Mongodi-Kakaretso ka morerong wa tlhahisoleseding, tlasa meedi e ka hlokwang ke tshireletso le melaotheo, dipalopalo letlhahisoleseding e nngwe ya sebopeho sa bothekeniki e mabapi le moruo, thekolohelo, le maemo a thuto dibakeng tseo di ikarabellang bakeng sa tsona ka ho fapana ntle le dibaka tseo Kgaolo ya XII le XIII e di amang.

Athikele ya 74

Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng hape di dumela hore leano la tsona mabapi le dibaka tseo Kgaolo ena e di amang, jwalo feela ka ka moo dibaka tsa bona tsa metsesetoropo di sebetsang ka teng, di tlameha ho thehwa hodima leano le akaretsang la boahisani bo lokileng, ka ho ela hloko boitekanelo ba lefatshe lohle, ditabeng tsa thekolohelo, moruo, le tsa kgwebo.

Page 20: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

KGAOLO YA XII

TLHOPHISO YA MATJHABA YA BOTSHWAREDI

Athikele ya 75

Matjhaba a Kopaneng a tla theha tlasa bolaodi ba wona tlhophiso ya matjhaba ya botshwaredi bakeng sa tsamaiso le tshupiso ya dibaka tse ka behwang tlasa botshwaredi ba wona ke ditumellano tse etswang kamorao ka bo-mong ke dinaha ka botsona. Dibaka tsena di bitswa ka hore ke dibaka tse tlasa botshwaredi.

Athikele ya 76

Maikemisetso a ka sehloohong a tlhophiso ya botshwaredi, ho latela Merero ya Matjhaba a Kopaneng jwalo ka ha e tekilwe ho Article 1 ho Tjhatha ya hajwale, e tla ba:

a. ho tswelletsa kgotso le tshireletso tsa matjhaba;

b. ho phahamisa kgatelopele ya tsa sepolotiki, moruo, thekolohelo ya setjhaba, le thuto bakeng sa ditjhaba tsa dibaka tse tlasa botshwaredi, le kgatelopele ya tsona e tswellang ho isa boitsamaisong le boipusong jwalo ka ha ho lokela bakeng sa maemo ka ho fapana a sebaka ka seng le setjhaba sa sona le ditakatso tse hlahiswang ka bolokolohi ke batho ba amehang, le ka moo ho laolwang ka teng ke ditlhoko tsa tumellano ya botshwaredi;

c. ho kgothaletsa tlhompho ya ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa motheo bakeng sa bohle ntle le kgethollo ya morabe, bong, puo, kapa bodumedi, le ho kgothaletsa kananelo ya boitshetleho dipakeng tsa tsona le ditjhaba tse ding tsa lefatshe; le

d. ho netefatsa tshwaro e nang le tekano ditabeng tsa moruo, thekolohelo ya setjhaba, le ditaba tsa kgwebo bakeng sa Ditho tsohle tsa Matjhaba a Kopaneng le ditjhaba tsa sona, le tshwaro e nang le tekano ya tsona ho tsa toka, ntle le ho sitisa phihlello ya maikemisetso a kahodimo mona le ho latela dipehelo tsa Article 80.

Athikele ya 77

1. Tlhophiso ya botshwaredi e tla sebetsa dibakeng tse mekgahlelong e latelang jwalo ka ha di tla behwa tlasa botshwaredi bo jwalo ke dutumellano tsa botshwaredi:

a. dibaka tseo hajwale di leng tlasa bolaodi;

b. dibaka tse tla lokollwa taolong ya dinaha tsa bora ka lebaka la Ntwa ya Bobedi la Lefatshe; le

c. dibaka tse behilweng ka boithaopo tlasa tlhophiso ena ke dinaha tse ikarabellang bakeng sa tsamaiso ya tsona.

Page 21: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

2. E tla ba taba ya ditumellano tse tla latela hore na ke dibaka dife mekgahelong e kahodimo mona tse tla tliswa tlasa tlhophiso ya botshwaredi le hore na tlasa ditlhoko dife.

Athikele ya 78

Tlhophiso ya botshwaredi e ke ke ya sebetsa mabapi le dibaka tse fetohileng Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng, tseo dikamano tsa tsona di tla thehwa hodima tlhompho ya leano la tekano ya dinaha.

Athikele ya 79

Ditlhoko bakeng sa sebaka ka seng tse tla behwa tlasa tlhophiso ya botshwaredi, ho kenyeletswa phetolo kapa sehlomathiso sefe kapa sefe, di tla dumellanwa ke dinaha tse amehang ka kotloloho, ho kenyeletswa matla a fanweng bakeng sa dibaka tse tlasa bolaodi bo abetsweng Setho sa Matjhaba a Kopaneng, mme di tla tiiswa ho latela ka moo ho hlalositsweng ke Diathikele tsa 83 le 85.

Athikele ya 80

1. Ntle le ka moo ho ka dumellanwang ditumellanong tse ikemetseng tsa botshwaredi, tse entsweng tlasa Diathikele tsa 77, 79, le 81, tse behang sebaka ka seng tlasa tlhophiso ya botshwaredi, le ho fihlela ditumellano tseo di phethetswe, ha ho letho Kgaolong ena e tla hlaloswa ho boyona kapa bakeng sa yona hore e fetola ka tsela efe kapa efe ditokelo dife kapa dife tsa dinaha dife kapa dife kapa ditjhaba dife kapa dife kapa ditlhoko tse teng tsa ditokomane tsa matjhaba tseo Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng di ka bang mahlakore ho tsona.

2. Serapa sa 1 sa Athikele ena se ke ke sa tolokwa se fana ka lebaka bakeng sa tiehiso kapa ho tjhetjhiswa ha ditherisano le ho thehwa ha ditumellano tsa ho beha dibaka tse behilweng tlasa taolo le tse ding tlasa tlhophiso ya botshwaredi jwalo ka ha ho hlalositswe ho Article 77.

Athikele ya 81

Tumellano ya botshwaredi boemong ka bong e tla kenyeletsa ditlhoko tseo tlasa tsona sebaka se tlasa botshwaredi se tla tsamaiswa le ho theha botsamaisi bo tla phetha tsamaiso ya sebaka se tlasa botshwaredi. Bolaodi bo jwalo, boo ho tloha mona bo tla bitswa bolaodi, e ka ba naha e le nngwe kapa ho feta kapa Mokgatlo bowona.

Athikele ya 82

Ho ka ba le sebaka kapa dibaka tse hlwailweng e le tsa bohlokwa, tumellanong efe kapa efe ya botshwaredi, tse ka kenyaletsang karolo kapa sebaka sohle se tlasa botshwaredi boo tumellano e leng mabapi le sona, ntle le ho senya tumellano kapa ditumellano dife kapa dife tse kgethehileng tse entsweng tlasa Article 43.

Page 22: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

Athikele ya 83

1. Ditshebetso tsohle tsa Matjhaba a Kopaneng tse mabapi le dibaka tse kgethilweng e le tsa bohlokwa, ho kenyeletswa ditlhoko tsa ditumellano tsa botshwaredi le phetolo kapa tlhomathiso ya tsona, di tla etswa ke Lekgotla la Tshireletso.

2. Maikemisetso a motheo a hlalositsweng ho Article 76 a tla sebetsa ho batho ba sebaka ka seng.

3. Lekgotla la Tshireletso, ka ho ipapisa le dipehelo tsa ditumellano tsa botshwaredi le ntle le ho senya ditlhoko tsa tshireletso, le tla fana ka thuso ya lona ho Lekgotla la Botshwaredi ho phetha ditshebetso tseo Matjhaba a Kopaneng tlasa tlhophiso ya botshwaredi e mabapi le ditaba tsa sepolotiki, thekolohelo, le thuto dibakeng tse kgethilweng e le tsa bohlokwa.

Athikele ya 84

E tla ba boikarabello ba bolaodi bo tshwereng tsamaiso ho netefatsa hore sebaka se tlasa botshwaredi se bapala karolo ya sona tswelletsong ya kgotso le tshireletso ya matjhaba. Ho fihlela sena bolaodi bo tsamaisang sebaka bo ka sebedisa mabotho a hlometseng a boithaopi, ditsi, le thuso ho tswa sebakeng se tlasa botshwaredi ho phethahatseng maitlamo ho Lekgotla la Tshireletso a nkilweng mabapi le sena ke naha e bolaoding, mmoho le bakeng sa tshireletso le tswelletso ya molao le botsitso kahara sebaka se tlasa botshwaredi.

Athikele ya 85

1. Ditshebetso tsa Matjhaba a Kopaneng mabapi le ditumellano tsa botshwaredi bakeng sa dibaka tsohle tse sa kgethwang e le tsa bohlokwa, ho kenyeletswa phano ya tumelo bakeng sa ditlhoko tsa ditumellano tsa botshwaredi le phetolo kapa tlhomathiso ya tsona, di tla etswa ke Seboka se Akaretsang.

2. Lekgotla la Botshwaredi, le sebetsa tlasa bolaodi ba Seboka se Akaretsang, le tla thusa Seboka se Akaretsang ho phethahatsa ditshebetso tsena.

KGAOLO YA XIII

LEKGOTLA LA BOTSHWAREDI

Popeho:

Athikele ya 86

1. Lekgotla la Botshwaredi le tla botjwa ka Ditho tse latelang tsa Matjhaba a Kopaneng.

a. Ditho tse tsamaisang dibaka tse tlasa botshwaredi;

b. Ditho tse boletsweng ka lebitso ho Athikele ya 23 mme tse sa tsamaiseng dibaka tseo; le

Page 23: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

c. Ditho tse ngata ka moo ho kgethilweng bakeng sa dihla tsa dilemo tse tharo ke Seboka se Akaretsang jwalo ka ha ho hlokeha ho netefatsa hore kakaretso ya palo ya ditho tsa Lekgotla la Botshwaredi e arolwe ka ho lekana dipakeng tsa Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng tse tsamaisang dibaka tse tlasa botshwaredi le le tse sa di tsamaiseng.

2. Setho ka seng sa Lekgotla la Botshwaredi se tla thonya motho a le mong ho se emela ho lona.

Ditshebetso le Matla

Athikele ya 87

Seboka se Akaretsang le, tlasa bolaodi ba sona, Lekgotla la Botshwaredi, ho phethahatseng ditshebetso tsa tsona, di ka:

a. sekaseka ditlaleho tse rometsweng ho lona ke bolaodi bo tsamaisang sebaka se tlasa botshwaredi;

b. sa amohela maipiletso le ho a sekaseka mmoho le bolaodi bo tsamaisang sebaka se tlasa botshwaredi;

c. hlophisetsa diketelo tsa nako le nako dibakeng tse tlasa botshwaredi dinakong tse dumellanweng le bolaodi bo di tsamaisang; le

d. ho nka dikgato tsena le tse ding kaho ipapisa le dipehelo tsa ditlhoko tsa ditumellano tsa botshwaredi.

Athikele ya 88

Lekgotla la Botshwaredi le tla theha lethathama la dipotso tse mabapi le kgatelopele ya tsa sepolotiki, moruo, thekolohelo, le thuto tsa batho ba sebaka ka seng se tlasa botshwaredi, mme bolaodi bo tsamaisang sebaka ka seng se tlasa botshwaredi bo matleng a Seboka se Akaretsang bo tla hlophisa tlaleho ya selemo le selemo bakeng sa Seboka se Akaretsang tse thehilweng hodima lethathama le jwalo la dipotso.

Ho vouta

Athikele ya 89

1. Setho ka seng sa Lekgotla la Botshwaredi se tla ba le voutu e le nngwe.

2. Diqeto tsa Lekgotla la Botshwaredi di nkuwa ka bongata ba ditho tse teng mme tse voutang.

Mokgwatshebetso

Athikele ya 90

1. Lekgotla la Botsharedi le tla ithehela melawana ya lona ya tshebetso, ho kenyeletswa mokgwa wa ho kgetha moPresidente wa lona.

Page 24: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

2. Lekgotla la Botshwaredi le tla kopana jwalo ka ho hlokeha ho latela melawana ya lona, e tla kenyeletsa pehelo ya ho tshwara dikopano ka kopo ya bongata ba ditho tsa lona.

Athikele ya 91

Lekgotla la Botshwaredi le tla, ha ho lokeleha, fana ka thuso ho Lekgotla la tsa Moruo le Thekolohelo le makalana a kgethehileng mabapi le ditaba tse di amang ka ho fapana.

KGAOLO YA XIV

LEKGOTLA LA TOKA LA MATJHABA

Athikele ya 92

Lekgotla la Toka la Matjhaba e tla ba letsoho le ka sehloohong la tsamaiso ya molao wa Matjhaba a Kopaneng. Le tla sebetsa ho latela Molao o ngotsweng o hoketsweng, o thehilweng hodima Molao wa Lekgotla la Nako Yohle la Toka la Matjhaba mme le thehang kgubu ya karolo ya Tjhatha ya hajwale.

Athikele ya 93

1. Ditho tsohle tsa Matjhaba a Kopaneng di nkellwa e le mahlakore a Molao wa o ngotsweng wa Lekgotla la Toka la Matjhaba.

2. Naha eo e seng setho sa Matjhaba a Kopaneng e ka ba lehlakore Molaong o ngotsweng wa Lekgotla la Toka la Matjhaba mme sena se tla hlahlojwa ho ya ka boemo ka bong ke Seboka se Akaretsang ka kgothaletso ya Lekgotla la Tshireletso.

Athikele ya 94

1. Setho ka seng sa Matjhaba a Kopaneng se itlama ho ikamahanya le qeto ya Lekgotla la Toka la Matjhaba nyeweng efe kapa efe eo se leng lehlakore ho yona.

2. Haeba lehlakore le hloleha ho phethahatsa maitlamo a lona tlasa kahlolo e fanweng ke Lekgotla, lehlakore le tsekang le lona le tla ba le tokelo ya ho atamela Lekgotla la Tshireletso mme lona, moo le bonang ho hlokeha, le tla etsa dikgothaletso kapa le etse diqeto ka mehato e tla nkuwa ho tiisetsa kahlolo ya Lekgotla.

Athikele ya 95

Ha ho letho le teng ho Tjhatha ya hajwale le thibelang Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng ho kopa tharollo ya diphapang tsa tsona ho makgotlana a mang ho latela ditumellano tse seng di entswe ke tsona kapa tse ka etswang kamoso.

Athikele ya 96

1. Seboka se Akaretsang kapa Lekgotla la Tshireletso di ka kopa Lekgotla la Toka la Matjhaba ho fana ka maikutlo a boeletsi mabapi le potso efe kapa efe ya molao.

Page 25: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

2. Dikarolo tse ding tsa Matjhaba a Kopaneng le makalana a kgethehileng, tseo ka nako efe kapa efe di ka laelwang ke Seboka se Akaretsang, di ka kopa maikutlo a boeletsi a Lekgotla mabapi le dipotso tsa molao tse welang tlasa ditshebetso tsa tsona.

KGAOLO YA XV

LEFAPHA LA BONGODI

Athikele ya 97

Lefapha la Bongodi le tla botjwa ka Mongodi-Kakaretso le basebetsi bao Mokgatlo o ka ba hlokang. Mongodi-Kakaretso o tla kgethwa ke Seboka se Akaretsang tlasa kgothaletso ya Lekgotla la Tshireletso. E tla ba moofisiri ya ka sehloohong wa tsamaiso ya Mokgatlo.

Athikele ya 98

Mongodi-Kakaretso o tla sebetsa ka matla ao dikopanong tsohle tsa Seboka se Akaretsang, tsa Lekgotla la tsa Moruo le Thekolohelo, le Lekgotla la Botshwaredi, mme o tla phetha ditshebetso tse ding tseo a di abetsweng ke dikarolo tsena. Mongodi-Kakaretso o tla hlophisa tlalehelo ya selemo le selemo ho Seboka se Akaretsang mabapi le tshebetso ya Mokgatlo.

Athikele ya 99

Mongodi-Kakareeso o tla tlisa tlhokomelong ya Lekgotla la Tshireletso taba efe kapa efe eo maikutlong a hae e ka tshosetsang tswelletso ya kgotso le tshireletso ya matjhaba.

Athikele ya 100

1. Ho phetheng ditshebetso tsa bona Mongodi-Kakaretso le basebetsi ba tlasa hae ba ke ke ba kopa kapa ba amohela taelo ho tswa mmusong ofe kapa ofe kapa ho tswa bolaoding bofe kapa bofe kantle ho Mokgatlo. Ba tla qoba ketso efe kapa efe e ka thunthetsang maemo a bona jwalo ka baofisiri ba matjhaba ba ikarabellang ho Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng feela.

2. Setho ka seng sa Matjhaba a Kopaneng se itlama ho hlompha sebopeho se kgethehileng sa matjhaba sa maikarabello a Mongodi-Kakaretso le basebetsi ba tlasa hae mme di se leke ho ba susumetsa mabapi le ka moo ba tla phetha maikarabello a bona.

Athikele ya 101

1. Basebetsi ba tla hirwa ke Mongodi-Kakaretso tlasa melawana e thehilweng ke Seboka se Akaretsang.

2. Basebetsi ba lokelehang ba tla ajwa bakeng sa nako yohle ho Lekgotla la tsa Moruo le Thekolohelo, Lekgotla la Botshwaredi, le, ha ho hlokeha, dikarolo tse ding tsa Matjhaba a Kopaneng. Basebetsi bana e tla ba karolo ya Lefapha la Bongodi.

Page 26: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

3. Taba e ka sehloohong kgirong ya basebetsi le ho hlophisweng ha ditlhoko tsa tshebetso ya bona e tla ba bohlokwa ba ho fihlella maemo a phahameng ka ho fetisisa a tshebetso e atlehileng, boiphihlelo, le boitlhompho. Tlhokomelo e lokelang e tla fanwa mabapi le ho hira basebetsi ho tswa pharallong e kgolo ka moo ho ka kgonehang ya lefatshe.

KGAOLO YA XVI

DIPEHELO TSA TLATSELETSO

Athikele ya 102

1. Selekane se seng le se seng le tumellano e nngwe le e nngwe ya matjhaba e kenetsweng ke Setho sa Matjhaba a Kopaneng kamora hore Tjhatha ya hajwale e kene tshebetsong, kapele ka moo ho kgonehang, se tla ngodiswa Lefapheng la Bongodi le ho phatlalatswa ke lona.

2. Ha ho lehlakore la selekane kapa tumellano ya matjhaba e jwalo e esong ho ngodiswe ho latela dipehelo tsa serapa sa I sa Athikele ena le tla sebedisa selekane kapa tumellano eo kapela karolo efe kapa efe ya Matjhaba a Kopaneng.

Athikele ya 103

Haeba ho ba le kgohlano dipakeng tsa maitlamo a Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng tlasa Tjhatha ya hajwale le maitlamo a tsona tlasa tumellano efe kapa efe e nngwe ya matjhaba, maitlamo a tsona tlasa Tjhatha ya hajwale a tla latelwa.

Athikele ya 104

Mokgatlo o ba le matla a molao naheng ya Setho ka seng sa wona a ka hlokehang ho tswelletsa ditshebetso tsa wona le ho phethahatsa merero ya wona.

Athikele ya 105

1. Mokgatlo o ba le menyetla le ditokollo naheng ya Setho ka seng sa wona tse ka hlokehang ho tswelletsa ditshebetso tsa wona le ho phethahatsa merero ya wona.

2. Baemedi ba Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng le baofisiri ba Mokgatlo ka tsela e tshwanang ba tla ba le menyetla le ditokollo tse tse hlokehang bakeng sa ho phetha ditshebetso tsa bona ka boikemelo tse mabapi le Mokgatlo.

3. Seboka se Akaretsang se ka etsa dikgothaletso ka tjhebo ya ho fumana dintlha tsa tshebediso ya dirapa tsa 1 le 2 tsa Athikele ena kapa di ka sisinya melao ya selekane ho Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng bakeng sa morero ona.

Page 27: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

KGAOLO YA XVII

DITLHOPHISO TSA SETHATHONG TSA TSHIRELETSO

Athikele ya 106

Ha ho sa emetswe ho hlomamiswa ha ditumellano tse kgethehileng tse boletsweng ho Article 43 tseo maikutlong a Lekgotla la Tshireletso di tla le thusa ho qala phethiso ya maikarabello a lona tlasa Article 42, mahlakore a Boikanong ba Dinaha tse Nne, bo sannweng tulong ya Moscow, 30 October 1943, le Fora, a tla, ho latela dipehelo tsa paragraph 5 tsa Boikano boo, rerisana bowona mme ho ya ka moo boemo bo ka hlokang le mmoho le Ditho tse ding tsa Matjhaba a Kopaneng ka tjhebo ya kgato ya kopanelo lebitsong la Mokgatlo ka moo ho ka hlokehang bakeng sa morero wa ho tswelletsa kgotso le tshireletso ya matjhaba.

Athikele ya 107

Ha ho letho ho Tjhatha ya hajwale le tla senya kapa ho behella ka thoko, kgato, e mabapi le naha efe kapa efe eo Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe e bileng sera sa naha efe kapa efe e saenneng Tjhatha ya hajwale, e nkuweng kapa e dumeletsweng ka lebaka la ntwa eo ke Mebuso e nang le boikarabello bakeng sa kgato e jwalo.

KGAOLO YA XVIII

DIHLOMATHISO

Athikele ya 108

Dihlomathiso tse ho Tjhatha ya hajwale di tla ba le matla bakeng sa Ditho tsohle tsa Matjhaba a Kopaneng ha di amohetswe ka voutu ya pedi borarong ya ditho tsa Seboka se Akaretsang le ho tiiswa ho latela ditshebetso tsa melaotheo ya dinaha tsa tsona ka bongata ba pedi borarong ke Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng, ho kenyeletswa ditho tsa nako yohle tsa Lekgotla la Tshireletso.

Athikele ya 109

1. Kopano e Akaretsang ya Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng bakeng sa morero wa ho hlahlobisa Tjhatha ya hajwale e ka tsharwa ka letsatsi le sebakeng tse tla tiiswa ka bongata ba pedi borarong ya ditho tsa Seboka se Akaretsang le ka voutu ya dinaha dife kapa dife tse robong tsa Lekgotla la Tshireletso. Setho ka seng sa Matjhaba a Kopaneng se tla ba le voutu e le nngwe kopanong ena.

2. Phetolo efe kapa efe ho Tjhatha ya hajwale e kgothaleditsweng ke bongata ba pedi borarong ya kopano e tla kena tshebetsong ha e tiisitswe ho latela ditshebetso tse amehang tsa melaotheo ya dinaha ka bongata ba pedi borarong ya Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng ho kenyeletswa ditho tsa nako yohle tsa Lekgotla la Tshireletso.

Page 28: Tjhatha ya Matjhaba a Kopaneng - unic.un.org · botho, ka seriti le boleng ba motho wa nama, ka ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi le ditjhaba tse kgolo le tse nyane, le ho

3. Haeba kopano e jwalo e sa tshwarwa pele ho kopano ya leshome ya selemo le selemo ya Seboka se Akaretsang se latelang ho kena tshebetsong ha Tjhatha ya hajwale, tshisinyo ya ho bitsa kopano e jwalo e tla tekwa lenanetabeng la kopano eo ya Seboka se Akaretsang mme ka voutu ya ditho tsa Seboka se Akaretsang le ka voutu ya ditho dife kapa dife tse supileng tsa Lekgotla la Tshireletso.

KGAOLO YA XIX

TIISO LE TSHAENO

Athikele ya 110

1. Tjhatha ya hajwale e tla tiiswa ke dinaha tse sanneng ho latela ditshebetso tsa melaotheo ya tsona ka ho fapana.

2. Di tla nehelanwa ho Mmuso wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika, o tlang ho tsebisa naha ka nngwe e saenneng mabapi le nehelano e nngwe le e nngwe e entsweng ho yona mmoho le Mongodi-Kakaretso wa Mokgatlo ha a kgethilwe.

3. Tjhatha ya hajwale e tla kena tshebetsong ha e nehelanwe ke Riphaboliki ya China, Fora, Kopano ya Bososhiale ya Soviet, Puso e Kopaneng ya Borena ya Brithani le Ireland Leboya, le Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika, le ka bongata ba dinaha tse ding tse saenneng. Prothokole e tla ralwa ke Mmuso wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika e tlang ho fana ka dikhopi tsa yona ho dinaha tsohle tse saenneng.

4. Dinaha tse sanneng Tjhatha ya hajwale tse e tiisang kamora hore e kene tshebetsong e tla ba Ditho tsa motheo tsa Matjhaba a Kopaneng ka letsatsi leo ditiiso tsa tsona ka ho fapana di nehelanweng.

Athikele ya 111

Tjhatha ya hajwale, eo ka dipuo tsa SeChina, SeFora, SeRussian, Senyesemane, le SeSpanish di lekanang ka matla, e tla nehelanwa dipolokelong tsa Mmuso wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika. Dikhopi tse tiisitsweng tsa yona di tla fetisetswa ke Mmuso oo ho Mebuso e meng eo e leng basaeni ba yona.

MOO KA TSHEPEHO baemedi ba Mebuso ya Matjhaba a Kopaneng ba tla saena Tjhatha ena ya hajwale.

E ENTSWE toropong ya San Francisco ka letsatsi la mashome a mabedi le metso e tsheletseng kgweding ya Phuptjane, selemong sa sekete makgolo a robong le mashome a mane a metso e mehlano.